12 blad sesotho - grain sa home sebedisa matjeketjane le ho thuya ho tshosa mashodu ana a fofang...
TRANSCRIPT
MMESA2017
PULAPULAIMVULAIMVULA>> GROWING FOOD >> GROWING PEOPLE >> GROWING PROSPERITY >>
Tjhefo ya bohlokwa ya poone04
Tekolo ya kuno le moralo wa kotulo08
Mefuta e hlaselang, e sa tsejweng ya dimela 11
Dula o BUTSE MAHLO!
07
03Poone ya Monghadi Mzwayi Zuma le Monghadi Musa Khumalo.
12
Koranta ya Grain SA ya bahlahisi ba ntseng ba hola
Bala Ka Hare:
Ke na le monyetla wa ho sebetsa le
balemipotlana le balemi ba hlahisang
feela tse ba thusang ho phela. Ke se-
betsa le bona dibakeng tsa mahae tsa Kwa-
Zulu-Natal. Ka nako tsohle balemi bana ba a
mmakatsa ka seo ba kgonang ho se fihlella
sekotwaneng se se nyane sa masimo ba ntse
ba shebane le mathata a mangata a letsatsi le
letsatsi.
Se hlakileng ho nna ke hore balemi ba sebedi-
sang nako e ngata ya bona masimong ba
hlokometse dijothollo tsa bona le ho lwantshana
le dikokwanyana tse sa batlahaleng le diphoo-
folo tse senyang masimong, ke bona ba unang
molemo nakong ya kotulo.
Seo ke batlang ho se fihlella ka ho ngola ditaba
tsena ke ho bona balemi ba bangata ba hulang
ka tlhako tsa morao ba fetoha batshireletsi le ba-
hlokomedi. Re tlamehile ho tshireletsa dijothollo
tsa rona ho fihlela ha re kotula seqo sa ho qetela.
Jwalo ka ha re tshireletsa le ho hlokomela bana
ba rona ho tloha boseyeng ho fihla boholong bo
phethahetseng, ka mokgwa o jwalo re tshwanetse
ho nka boemo ba botswadi dijothollong tsa rona
haeba re batla ho bona kuno le katleho.
Ka hoo, diqholotso tsena ke dife, mme ke
sefe seo balemi ba se etsang ho di lwantsha?
MakgwabaMakgwaba ke moleko o moholo o ka bakang
tshenyo e kgolo pooneng e sa tswa mela.
Nkgono Jane o bua tjena…
H
aufinyana re sa tswa etela mabatowa a
mangata a tlhahiso ya dijothollo a Afri-
ka Borwa moo dijothollo di leng ntle. Re
thabela dipula tse neleng, tse thusitseng
malapa a rona le setjhaba sa rona ho ba le dijo. Ho
ba le dijo ke tlhoko ya bohlokwa ho motho, mme re
thabela ho thusa balemi ba fepang setjhaba sa rona.
Nthong e nngwe le e nngwe, diphephetso di tla nne di
dule di le teng. Ka ha re na le sejothollo se setle, jwale
re tshwanela ho nahana taba ya ho kotula le ho boloka
tjhai ya rona. Ho ya ka dikotsi tsa bophelo bo botle, re
tshwanetse ho ela hloko mekgwa eo re kotulang le ho
boloka dijothollo tsa rona ka yona. Taba ya bohlokwa ruri
ke ho thusa dijothollo tsa rona ho oma ka ho phethahala,
e leng ka ho fumana moya o lekaneng – ho boloka dijo-
thollo tse mongobo ho baka dikotsi tse bakang mathata a
kwaekgwaba e bakang ditjhefo tsa mycotoxins. Molemi ya
ratehang – hopola hore dijothollo tsa hao ke dijo tsa batho
le diphoofolo, mme mosebetsi wa hao ha o eso phetha-
hale haeba poone ya hao e eso ome hantle le ho bolokwa
e omme hantle setorong moo e bolokwang e baballehile.
Haeba o ena le dijothollo tse ngata ho feta tseo o
di hlokang, o ka nna wa rekisa tse ding (wa iphumanela
tjhelete) le ho fepa ba lelapa la hao. Lelapa la hao le ke-
nyeletsa dikgoho le mehlape ya hao, e meholo le e me-
nyane. Haufinyana ha ke ne ke etetse balemi ba banyane
lebatoweng la Mthatha, ke ile ka hopotswa ka boleng ba
dijothollo tse ngatanyana tse ka sebediswang lelapeng
– molemi e mong o ile a bolela hore yena o kgona ho
fepa dikgoho, matata a mofuta wa Muscovy, dipodi, dinku
le dikgomo. Ka baka la ho ba le dijo tse ngata o kgona ho
eketsa tlhahiso ya tsohle tseo a nang le tsona.
Kgweding ya Motsheanong, Letsatsi la Kotulo la
NAMPO le tla be le ketekwa hape Bothaville (ho la Forei-
setata). Monongwaha re tla be re ena le dipontsho tse
ikgethileng tsa disebediswa tsa temo tse ka sebedswang
ke balemipotlana. Ona ke monyetla o moholo wa ho she-
bana le indasteri e kgolo ya dijothollo – barekisi ba tse
kenngwang mobung, barekisi ba metjhine hammoho le
ba mabenkele a mangata a tseo re di hlokang. Re tshepa
hore re tla kopana le wena tsatsing leo la NAMPO ya 2017.
A re keng re natefelweng ke sehla sena sa Hwetla
– haufinyana o tla be o sebetsa ka thata, o kgelelletse
mefufutso ha o ntse o bokella disabusabu tsa mekotla
masimong a hao. Re bile lehlohonolo haholo, mme re
tshwanetse ho bala ka moo re sitsitsweng ka teng le ho
thabela dijothollo tse ntle tsa rona. Weso, eka tsohle di ka
tswala mafahla!
TSAMAISO
Monghadi Mzwayi Zuma o supa mola wa poone e jelweng ke dikgomo.
Sephadi letsohong ho tshosa makgwaba.
2
Dula o butse mahlo!
Hang ha dimela tsena tse nyane di hla-
hisa hloho mobung, makgwaba a di ja ka
bonngwe, mola le mola. Haeba re a tlohela
ho itjella dimela tsena tse nyane, qetellong
ho tla sala ho se na letho le se tseng.
TharolloDula o le teng masimong ho tloha hoseng
ho fihlela ha le sunya nko mobung. Eba
le dihora tsa ho sebetsa hore o be le ho
hong ho tla kotulwa. Ke batla ho etsa
mohlala ka balemi ba babedi ba lebatowa
la Hlathikulu ho la KwaZulu-Natal, e leng
Monghadi Mzwayi Zuma le Monghadi
Musa Khumalo. Balemi bana ba inehe-
tseng ka matla ke balemi mapolasing a
atamelaneng a dihekthara tse ka bang
tse supileng. Ba fapanyetsana dinako
tsa ho tshireletsa dijothollo tsa bona ka
ho sebedisa matjeketjane le ho thuya ho
tshosa mashodu ana a fofang mapolasing
a bona. Ke mosebetsi o boima o tswelang
pele ho fihlela ha dipeo tsa poone di me-
tse tlasa mobu (hangata ke dibeke tse ka
bang pedi ha peo e metse) empa boiteko
ba bona ruri bo tla ba tlisetsa ditholwana.
DikgotoDikgoto ke ditweba tse nyane tse sa tlo-
helleng peo ya sejothollo sefe kapa sefe,
mme ke bothata bo boholo bo ntseng bo
nama mona Afrika Borwa. Palo ya tsona
e bonahala e ntse e eketseha selemo le
selemo, haholoholo ka baka la ho hloka
dinonyana kapa diphoofolo tse ka di jang.
Hangata di phela di ikentse dihlotshwana
masimong a poone, a ka bonahalang
ka mekoti e mengata mmoho, e leng ya
boholo ba bolo ya thenese. Di ka senya
karolo e kgolo ya masimo a jetsweng, e
leng se fokotsang kuno. Bothata bo bong
ke hore mahola le ona a eketseha ka
M h di M i Z l
S h di l t h h t h k b
Ditaba tsena re di kumelwa ke Gavin Mathews, Kgau Tsamaisong ya tsa Tikoloho. Ho tseba haholwanyane romella e-meile ho [email protected].
Poone e sentsweng ke dikgoto.
3
MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUST
baka la mobu o hlobotseng, o sa kwahelwang.
Balemi ba bangata ba ntweng e kgolo ya ho
fumana tharollo ya ho laola ditweba tsena.
TharolloHo teng mehato ya ho laola dikhemikhale e ka
sebediswang ho sebetsana le peo nakong ya ho
jala kapa ya ho etsa mekoti. Ha ke no bua ka
mehato ena ditabeng tsena. Ho tseba haholwa-
nyane le ho fumana thuso o ka ikopanya le moe-
medi wa lehae wa tsa dikhemikhale.
Le ntle le ho sebedisa dikhemikhale o ka
nna wa etsa phapang e kgolo ka ho sebedi-
sa maqheka a mmalwa a motheho taolong.
Hopola hore tlhaho e a makatsa tabeng ya ho
fana ka tekatekano. Moo motho a tshwenyang
teng, ‘tekatekano’ ena e a tswenyeha. Ka hoo,
hlokomela ka moo dintho di sebetsang ka teng
ditikolohong tse sa ‘tshwenngwang’, mme o
leke ho baballa boemo bona. Etsa mekoti ya
dimela ho potapota le masimo hore diphooko
di tsome ditweba. O se ke wa bolaya dinoha!
Dinoha ke tsona tseo tlhaho e di sebedisang ho
bolaya ditweba/dikgoto. Ha re bolaya dinoha,
palo ya dikgoto e tla phahama haholo jwalo
ka ha re se re bone. Ha o bona noha nakong
ya hao ya ho sebetsa masimong, kgaohana le
yona, e etse mosebetsi wa yona.
Qetellong motho o tshwanetse ho iqapela
dintho. Ke rata ho sebedisa mohlala wa mo-
fumahadi Sindisiwe Gama wa lebatowa la Lo-
skop haufi le Estcourt. Ka thuso ya mora wa
hae, o ile a etsa makgolokgolo a difi tse nyane
ka terata le sefe, mme a di beha ho potapota
le masimo haufi le mekoti ya dikgoto e nang le
dijothollo ho di hohela. Ba ile ba ba lehlohonolo
hobane nakong ya kgwedi tsa mariha dijo di
a haella. Ha o ena le mamello, o ikemiseditse
mosebetsing wa hao, o tla lemoha tswelopele
e kgolo ha o boela o jala.
Dikgomo Dikgomo dibakeng tsa mahae ke bothata bo
boholo ho molemi wa poone ya jalang masi-
mong a kopanetsweng. Bothata bo boholo bo
ba nakong ya dikgwedi pele ho mariha nakong
eo dikgomo di kopanang le kgaello ya ho fula.
Beng ba mehlape ba di kgannela masimong a
dijothollo a kopanetsweng moo ho ntseng ho
ena le dijo tse ngata, e leng ho ileng ha baka
tshenyo e kgolo masimong a poone. Ka baka
lena, balemi ba bangata ba kotula poone ya
bona le pele e oma, mme ba e isa malapeng
a bona ho e boloka teng. Hona ho baka tahle-
helo boimeng ba poone hammoho le ho bola
ha yona.
Tharollo Tharollo e totobetseng ke ya ho ba le terata e
potapotang masimo a hao. Le ha ho le jwalo,
terata e a utsuwa, ke ka hoo balemi ba nang le
lesisitheho la ho etsa terata. Mohato wa bobedi
ke ho buisana le balemi ba bang le ho fihlella tu-
mellano ya hore mehlape e tebellwe ka ntle ho
fihlela nako ya ho kotula e fihla, mme ka mora
moo mehlape e ka dumellwa ho itjella mohwang
o setseng masimong. Mona motho a ka nna a
mema mokhanselara ya haufi kapa Nkosi hore
a be teng dipuisanong le ditumellanong tse ka
etswang. Haeba tsena tsohle di sa tswele pele,
mme o sa tsebe hore jwale o tla nka eng o e
kopanye le eng, ha o sa na boikgethelo haese
feela ho ema ka maoto le ho tshireletsa masimo
a hao ka bowena. Haeba o hloleha, kopa ngwa-
neno, mme haeba le yena a hloleha, kopa ntatao.
Nnete ke hore o ke ke wa tlohella dijothollo tsa
hao ho senyeha o ntse o shebile.
Baballa, o tshireletse, o eme senna! Etsa
sena mosebetsing wa hao wa temo, mme o tla
bona ha matsapa a hao a o tlisetsa ditholwa-
na nakong ya kotulo. Ruri ke lakatsa ho bona
balemi ba bangta ba itjereng ba fela ba latela
mohlala ona. Hona ho tla kgannela tjheleteng e
ntlenyana ya lelapa e tla ba molemong wa hao
le ba lelapa la hao, mme ho tla kenya letsoho
paballong ya dijo tsa setjhaba naheng ya rona.
Ke phetho, ke tu!
TSAMAISO
Afrika Borwa e tsebahala ka poone e
ntle ya boleng ya yona, mme sejo-
thollo sena se bohlokwa bathong ba
kgwebo le ho balemipotlana. Le hoja poone
e na le mesebetsi e mengata, wa bohlokwa
ka ho fetisisa ke wa tlhahiso ya dijo le phepo
ya diphoofolo.
Poone le dihlahiswa tsa yona di jewa ke boholo
ba batho ba Afrika Borwa (pakeng tsa (67% le
83% ya setjhaba), mme palohare tshebedisong
ya poone e phehilweng ka letsatsi e lekanyetswa
pakeng tsa 476 g - 690 g motho ka mong. Ka
baka lena, ho hahlamelwa hampe ha poone ke
kwaekgwaba le tlhahiso e bang teng ya tjhefo ya
mycotoxins ke taba e tshwenyang haholo.
Kgatisong e fetileng ya rona (March 2017)
re hlalositse hore mycotoxins ke dikhemikhale
tse tjhefo tse hlahiswang ke kwaekgwaba eo
tlhahong e holang dijothollong tse fapaneng
tse fumanwang temong. Le hoja kgolo le ho
nama ha kwaekgwaba dimeleng e se ntho e
ka bonwang ka leihlo, empa boteng ba yona
le mehato ya tjhefo ya mycotoxins tsona di
a bonahala. Mehato ena e ka nna ya fapana
Tshilong Tlhaloso Matshwao Dihlahiswa tsa poone
Dithollo
Sehlahiswa se ntshitweng
dikokwanahloko se nang
le dithollo tse kgolo tsa
endosperm tsa poone tse
hlokang makgapetla a
dipeo le dikokwanahloko
Dithollo tse kgorofo Diserele tsa dijo tsa hoseng (cornflakes) le setampo
Kgorofo
Serele le dijo tse jewang pakeng tsa dijo
Reisi ya poone
Tse mahareng
(Semolina)
Serele le dijo tsa dipakeng tsa dijo
Tse silehileng haholo
(Semolina)
Tse ritetswang/bidisitsweng
Papa ya poone
Phofo ya poone
Tshilo ya endosperm
e thata, e thollo
Tse kgorofo haholo
(Phofo ya SUPER maize)
Papa ya poone
Motswako wa panekuku le wa di-maffini. Tsa koro tse jwang
pakeng tsa dijo, diserele le dihlahiswa tse bakilweng
Tsa mofuta wa dithollo Motswako wa panekuku le wa di-maffini. Tsa koro tse jwang pakeng
tsa dijo, diserele le dihlahiswa tse bakilweng
Phofo ya folouru
Tse sitsweng haholo
(Phofo ya SPECIAL maize)
Motswako wa bohobe ba poone le wa tse bakilweng, dijo tsa bana,
dibisikitidi, di-wafers, difilithara, le dijari dihlahisweng tsa nama le
diserele tsa dijo tsa hoseng
Tse jewang pakeng tsa nako tsa dijo le polenta
Chop/bran
Motswako wa lekgapetla
le ka ntle la khenele ya
poone, endosperm e ka
ntle le e dithollo
Hominy Chop Dijo tsa diphoofolo
Kokwanahloko ya
poone
E na le karolwana
ya embryo
E na le ole e ngata
Ole
Dijo tsa diphoofolo
Theibole ya 1: Tlhaloso le sepheo sa mefuta e fapaneng ya tshilo ya poone.
Popeho ya khenele ya poone.
MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUSTTAOLO YA MALWETSE
4
Tjhefo ya bohlokwa ya poone
haholo seqong se le seng sa poone hammoho
le dimeleng tse ding tse atamelaneng.
Ditjhefo tsa mycotoxins tse fumanwang
pooneng e rekiswang Afrika Borwa ke: Fu-
monisin (FB) e amanang le Fusarium Ear Rot;
deoxynivalenol (DON) le zearalenone (ZEA) e
amanang le Giberella Ear Rot, kaofela di ba-
kwa ke mefuta ya kwaekgwaba ya Fusarium.
Dibakeng tsa mahae tsa Afrika Borwa moo
batho ba lemang poone teng e le sejo sa letsatsi
le letsatsi (temong ya tse hlahiswang feela ho
iphedisa), FB e bile tjhefo ya bohlokwa ya myco-
toxin, mme hangata e iponahatsa e le mehatong
e phahameng. Hona ho bonahetse dibakeng tsa
mahae tsa Kaapa Botjhabela, Limpopo (LP), le
KwaZulu-Natal (KZN). DON le yona e se e ile ya
iponahatsa pooneng e itemelwang ke batho ho
iphedisa dibakeng tsa mahae tsa Kaapa Botjha-
bela. Mycotoxin aflatoxin (AFLA) e hlahiswang
ke Aspergillus flavus, e se e ile ya lemohuwa
dibakeng tsa mahae tsa Limpopo le KwaZulu-
Natal. Mabaka a bakang phapano dibakeng tse
fapaneng ke a kenyeletsang tlelaemete, diko-
kwanyana, boleng ba mobu le mekgwa ya temo.
Khenele ya poone Ba bang ba lona ba lemang poone ba tla tseba
hore khenele (thootse) ka nngwe ya poone e
na le dikarolo ttse fapaneng (Setshwantsho sa 1), mme e nngwe le e nngwe e bohlokwa
kgwebong. Theibole ya 1 e fana ka tlhaloso le
kakaretso ya dikarolo tsa khenele.
Tjhefo ya kwaekgwaba le ya mycotoxin kheneleng ya pooneDikwaekgwaba tsa Fusarium le Aspergillus ke
diphedi tse jarwang ke mobu, mme hangata
di kgona ho iphelela masalleng a dimela pa-
keng tsa nako ya dihla. Dikwaekgwaba tsena
di ka nna tsa tshwaetsa dimela ka mekgwa e
me ngata pele ho kotulo: ka metso kapa ka ho
fetisetswa pele ke peo e tshwaeditsweng kapa
e hahlametsweng (Fusarium); tsamaiso ya
moya le metsi hammoho le ke dikokwanyana
le maqeba a mang. (Fusarium and Aspergil-lus). Aspergillus e boetse e tsejwa e le bothata
bo boholo haeba dijothollo di sa bolokwa ka
nepo. Kwae kgwaba (fungi) e kena khenele ya
poone ho tswa makgapetleng a ka ntle, ebe e
kenella makgapetleng a ka hare, mme ka baka
lena, ditjhefo tsa mycotoxins di tsejwa e le tse
bokaneng, tse matla haholo bokahodimong ba
makgapetla a khenele ya poone. Ho feta mona,
pericarp e ka sebetsa e le sethibelo kgahlanong
le kwaekgwaba e kenang ka hara endosperm.
Kotsi ya tjhefo ya mycotoxins nakong ya ho sebetsana le dijo; tshilo e ommeng, mohlalaPopeho ya khemikhale ya tjhefo ya mycotoxins e
etsa hore ho se kgonahale ho e tlosa ka hohle-
hohle dijothollong, mme ka baka lena ke karo-
lwana feela e ka tloswang nakong ya tokiso ya
dijo (processing) le/kapa ka mekgwa e meng
e ikgethileng e hlwekisang. Tshebetso ya dijo e
ka fokotsang kgahlamelo ya tjhefo ena ke e ke-
nyeletsang kgethollo ya dijo, ho hlatswa, ho tlosa
karolwana e ka ntle, ho sila, ho bedisa, ho baka,
ho foraesha, ho pheha ka ho besa le ho pheha
ka alkaline.
Ho silwa ha poone ke tshebetso e ta-
dingwang e le mohato wa pele tlhahisong ya
dihlahiswa tse theilweng pooneng, e leng ka
ho tlosa karolo e ka ntle (pericarp) hore e ka
hare e pepese endosperm, eo jwale e fetole-
lwang dikarolong tse fapaneng tse kang pho-
fshwana e silehileng haholo, phofo le folouru
e thumehisehileng. Dikarolwana tse atisang ho
sebediswa haholo tlhahisong ya dijo ke pho-
fshwana e silehileng haholo le folouru, tseo
ka bobedi di thumisitsweng ka ho fapana le ka
dikereiti tsa tsona. Ha e le dithollo tsa bran le
tsa kokwanahloko di sebediswa haholo phe-
pong ya diphoofolo le ho ntshwa ha ole.
Afrika Borwa tshilo e ommeng e sebediswa
haholo tlhahisong ya dijo tse kang setampo,
reisi ya poone, phofo ya poone e sa sefuwang,
e sefuweng, e kgorofo ya SUPER le ya SPE-
CIAL. Mohato kapa bongata ba dithumisa tse
fapaneng o tla fapana ho ya ka dintho tse nga-
ta ka baka la dinthonyana tse ngata tse kang
kwaekgwaba e se e kene ho le hokae ka hara
khenele (bokantleng kapa ka hare) hammoho
le ho pshatlwa ha khenele ka nngwe ho etsa
dikarolwana tse fapaneng tshilong. Ka baka la
ho rarahana ha mosebetsi wa tshilo moo poone
e sa sebetswang e hlahisang dithollo tse ngata
tse fapaneng, mehato ya tjhefo ya mycotoxin
e ka nna ya boela ya hasana le phofo kapa ya
bokelleha tulong e le nngwe.
Kgatisong ya rona e latelang re tla tswe-
la pele ho batlisisa tjhefo ya mycotoxins e
amanang le dijothollo tse ding tse kang koro,
mabele le kgarese. Taba ya mehato ya pa-
balleho ke eo re tla e tshohla kgatisong ya
morao moo re tla bua ka sekgahla sa myco-
toxin bophelong bo botle ba batho.
Dikhenele ‘tse phetseng hantle’ tsa poone.
Dikhenele tsa poone tse lemetseng, tse tshwaeditsweng.
5
MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUSTTAOLO YA MALWETSE
Ditaba tsena re di kumelwa ke HM Burger le P Rheeder ba Institjhute ya Biomedical and Microbial Biotechnology (IBMB), Cape Peninsula University of Technology (CPUT). Ho fumana lesedi le batsi romella e-meile ho [email protected] kapa [email protected].
If everyone is moving forward together, then success takes care of itself.
~ Henry Ford
Pula Imvula’s Quote of the Month
MADE POSSIBLE
BY OPOT
66
TLHAHISO YA SONEBLOMO
Saense e tshehetsa TLHAHISO YA SONEBLOMO T
emo matsatsing ana e tshwanetse
ho leka ka matla ho hlahisa dijo tse
ngata tsa setjhaba se ntseng se hola
tikolohong ena ya mathata a ikonomi. Ha e
sa le taba e nkuwang ha bonolo feela tjena,
ya batho ba ikaparetseng di-overall le di-da-
ngaree. – ‘Temo ke profeshene e rarahaneng
haholo, e etswang ke batho ba profeshene
ba sebedisang mekgwa ya sejwalejwale
ya kgwe bo, tsebo ya saense le boqapi bo
botjha ba metjhine mesebetsing ya bona.’
– Earl Coke.
Tlhahiso ya soneblomo e na le phehiso ya
bohlokwa tlhahisong ya dijothollo tsa Afrika
Borwa. Tlhahiso ya selemo le selemo e pakeng
tsa ditone tse 500 000 - 700 000. Ho feta mona,
e dumellana le mefuta e fapaneng ya mebu, ho
tloha mebung e boima ya lehlabathe ho isa ho
ya selokwe se lehlabathe. Soneblomo e nnile ya
eba molemo mananeong a phapantsho ya dijo-
thollo empa hape ke sejothollo se molemo
se ka jalwang mebung e ka mathoko.
Letshwao le leng la yona ke hore e
na le nako e kgutshwane ya sehla
sa kgolo ho feta poone, mme ka
hoo, e ka jalwa moraonyana moo
maemo a qobellang jwalo, mme e
kgona ho mamella dirame tse tlang
e sa le pele.
Komiti ta Ditekanyetso Dijothollong
Sehlopha sena se etsa dipatlisiso tsa
saense tse shebanang le dibaka tsa pele
tse ilo jalwa. Ena ke ntlha ya bohlokwa
ho wena molemi ka ha e tla o tataisa ma-
bapi le mebaraka e sebetsang ka mokgwa wa
phepelo le tlhoko. Soneblomo e ngata haholo
e ja lwang e bolela hore ditheko tsa yona di tla
ba fatshe nakong ya kotulo. (Ho jwalo feela le
ka poone). Tekolo ya pele ya sebaka sa tlha-
hiso ya soneblomo ya 2017 ke dihekthara tse
665 800, e leng palo e tlasenyana ka dihek-
thara tse 52 700 ka tlase ho tsa sehla se
fetileng. (Lesedi lena le fumanwa mahala
ho http://www.sagis.org.za).
Ngaka A Nel wa Potchefstroom ARC-GCI o
bolela hore ke feela mohatong o phahameng wa
bokgoni le tsamaiso e hlwahlwa mosebetsing
wa tlhahiso moo katleho ditjheleteng e tla bang
teng. Ka tlhaho hona ke motheho wa bohlokwa
wa temo e tshwarellang – ho seng jwalo, balemi
ba tla iphumana ba tswile kgwebong, mme ba
hloleha ho fepa setjhaba se lapileng! Senotlolo
sa mohato ona wa bokgoni ke ho notlolla tsebo
e ngata ya mefuta ya dipeo ka moo ho kgona-
halang ka teng, hore motho a etse diqeto tse
nepahetseng mabapi le mefuta e nepahetseng
ya dipeo tse lokelang maemo a tlelaemete a
moo a leng teng hammoho le a sehla se tla le-
bellwa. Balemi ba qalang ho kena ba tshwane-
tse ho buisana le baemedi ba dikhamphani tsa
dipeo, baahisani ba nang le tsebo, mme ba be le
tsebo ka lesedi lena leo re o tshwaretseng lona
ka mofuta o mong le o mong wa peo:
Bokgoni ba kunoHona ke bongata ba ditone tseo o ka di lebe-
llang kotulong ya hekthara ka nngwe nakong e
tlwaelehileng ya sehla sa kgolo. Fumana hore
bokgoni ba nako e telele ba kuno ya disone-
blomo tse jalwang lebatoweng la hao ke bofe.
Hona ho fana ka lesedi la hore o ka lebella
eng.
Palo ya matsatsi a ho etsa dipalesaEna ke taba ya bohlokwa haholo. Dinako tsa hao
tsa ho jala di tla laola kgetho ya hao ya peo. Hae-
ba, mohlala, o sitwa ho kena masimong ka baka
la pula e ngata kapa maemo a seretse – kapa
ho seng jwalo, haeba ho nnile ha eba komello e
kgolo e o sitisitseng ho jala – o tlamehile ho ela
hloko palo ya matsatsi ao o saletseng sehleng
sa kgolo pele sehla sa serame se simolla, mme
o kgethe peo ho ya ka maemo ano.
tsa ditone tse 500 0
e dumellana le mef
tloha mebung e bo
ya selokwe se lehla
eba mooolemo mana
tholloo empa h
se s ka jalw
Letshwa
na le na
sa kg
hoo, e
maemmmmmmmm mo
kgona
e sa le
Komiti taDiD jotholl
Sehlopha s
saea nse tse sh
tse ilo jalwa.
ho wena molem
bapi le mebaraka e
phepelo le tlhoko.
e ja lwang e bolela
ba fatshe nakong y
ka poone). Tekolo
hiso ya soneblomo
665 800, e leng p
thara tse 52 70
fetileng. (Lesed
ho http://www
MADE POSSIBLE
BY OPOTTLHAHISO YA SONEBLOMO
Ditaba tsena re di kumelwa ke Jenny Mathews, mophehisi ho tsa Pula Imvula. Ho tseba haholwanyane romella e-meile ho [email protected].
Ke nnete e seng e lemohuwe hore ho ya ka
tlhaho, ho nnile ha eba tiehiso butlebutle ntshe-
tsopeleng ya mefuta e metjha ya soneblomo
hammoho le kgonahalo e tswetseng pele ya
kuno. Kuno ya soneblomo e theilwe mekgweng
e METLE, E NEPAHETSENG jwalo ka feela
kgetho e ntle ya mefuta ya dipeo. Ka hoo tsena di
tla nne di kgeme mmoho KA DINAKO TSOHLE.
Dintlha tse ding tse amang kuno soneblomong• Tokiso ya mobu ke taba ya bohlokwa. O
tshwanetse ho ikemisetsa mekgwa e tlwaele-
hileng ya tokiso ya masimo lebatoweng la
hao, mme o dule o le sehlohlolong sa tsebo
menahanong ya sejwalejwale mabapi le ka
moo mobu o hlokomelwang ka teng. Balemi
ba bangata ba kgetha ho sebedisa mokgwa
wa no-till ka baka la ho bopa mobu o phe-
tseng hantle le hobane mokgwa ona o le tlase
ka ditshenyehelo tokisong ya mobu. No-till ha
se ntho feela e mpang e etsahala – temo ena
e tshwanetse ho sebediswa ka mokgwa wa
saense le mokgwa wa ho ithuta ka bowena le
ka ho bokella tsebo le lesedi.
• Tshebediso e lekaneng ya manyolo e tla nne e
be taba ya bohlokwa, mme ke yona e tla lao-
la kuno ya hao qetellong. Lenaneo la hao la
manyolo le tlamehile ho thehwa tlhopho llong
ya mobu ka mokgwa wa saense. Soneblomo
e tsejwa ka ho sebedisa menontsha e mobung
ka mokgwa o ikgethileng hantle ka baka la
metso ya yona e namang haholo, e thusang
hore e fihlelle menontsha, e leng se sa etsaha-
leng ka mefuta e meng ya dijothollo.
• Palo ya dimela ke yona ntlha e le nngwe ya
bohlokwa e kenyang letsoho kunong. Tlho-
komelo ya dimela tse nyane nakong ya matha-
ta, e leng ya ho mela ha tsona, ke mosebetsi
o hlokang tsamaiso ya sebele, eo ka nako e
nngwe e tla hloka hore o tlose lekgapetla le
thata, le ka sitisang ho mela ha tsona, e leng
nako e ka bang matsatsi a 3 - 4 ka mora ho
jala. Palo ya dimela tse 30 000 - 45 000 hek-
thareng ke tataiso ya palohare haeba sepheo
e le ho fihlella kuno e phahameng ya ditone
tse 2 hekthareng ka nngwe. Hang ha o se o
na le palo e ntle masimong, jwale o ka nna wa
shebana le tse ding tse ka thusang ho eketsa
kuno ya hao.
• Taolo ya mahola e hlokolosi. Mahola a phe-
hisana kgang le menontsha le mongobo,
e leng tse lokelang dimela tsa soneblomo.
Dimela tsa soneblomo di sa ntse di fokola na-
kong ya dibeke tsa pele tse 3 - 4 ka ha mona
ke nakong e kgannang butle ya kgolo ya tso-
na. Bohlale ke ho boela o phethola mobu la ho
qetela pele diterekere di sitwa ho kena masi-
mong ntle le ho utlwisa bohloko soneblomo ya
hao.
• Taolo ya dikokwanyana e bohlokwa, mme
yona e hloka ho behwa leihlo nako le nako
ho sheba boteng ba dikokwanyana e sa le
pele nakong eo di etsang mahe le diboko.
Haeba o tshwanela ho sebedisa tjhefo e
bolayang dikokwanyana, bohlale ke ho
sebetsa o ipapisitse le baemedi ba dikha-
mphani tsa dikhemikhale ba tla etela masi-
mo le ho o eletsa ka sekgahla le mekgwa ya
ho bolaya dikokwanyana tseo. Eba le bon-
nete hore basebetsi ba hao polasing ba ru-
tilwe hantle ho sebedisa dikhemikhale tsena
le hore ba na le diaparo tse tshireletsang na-
kong eo ba sebetsanang le tjhefo ena.
Soneblomo ha se feela semela se putsang
le se thabisang, empa hape e na le seabo se
seholo lenaneong la hao la nako e telele ya
temo ka baka la ditjheho tse tlase tsa yona,
le hobane ka kakaretso e hola hantle le tlasa
maemo a boima, a komello, a seng a tlwaele-
hile mona Afrika Borwa.
DitebohoDikgothaletso tsa mofuta wa peo ya soneblomo tsa
2016/2017 – Dr AA Nel, ARC-GCI, Potchefstroom.
77
Ditaba tsena re di kumelwa ke molemi ya beileng meja fatshe.
TTekolo ya kuno le ekolo ya kuno le moralo wa kotulomoralo wa kotulo
Sehla sa tlhahiso ya lehlabula sa
2016/2017 hajwale se kena mohatong
wa kotulo le wa ho qetela wa ho mmara-
ka dinawa tsa soya, disoneblomo le dijothollo
tse ding tsa lehlabula. Selemo sena e bile se
setle haholo pele ho nako ya ho jala e bileng
le dipula tse ntle haholo tse bonahetseng ka
motjheso o moholo le komello kgweding tsa Pu-
dungwana le Tshitwe.
Nako ya pele soneblomo e fihlella kgolo e phe-
thahetseng ke nako e ntle ya ho lekola diqeto ka-
ofela tsa nako e fetileng mabapi le tsamaiso le
ho sheba pula e bileng teng, e leng tse kentseng
letsoho kunong e ka bapiswang le kuno ya qetelo
nakong ya kotulo.
Tekanyetso kunong ya dinawa tsa soyaTekanyetso ya kuno mohatong ona e ka fana ka
lesedi la bohlokwa mabapi le moralo o batsi o she-
baneng le kotulo ya masimo a fapaneng, tlhoko
ya metjhine e tla kotula, bongata ba sejothollo se
lebelletsweng, poloko ya thepa setorong, boholo
bo tla hlokahala ba ho boloka kotulo, ditjeho tsa
ho hlwekisa le ho omisa, hammoho le maqheka a
tla sebediswa ho mmaraka kotulo.
Mekgwa ya ho etsa ditekanyetsoBokgoni ba kuno hantlentle ke tekanyetso ya
mahlakore a mane, e leng palo ya dimela he-
kthareng ka nngwe, palo ya mekotlana e tshwe-
reng peo semeleng ka nngwe, palo ya dipeo
mokotlaneng ka nngwe, hammoho le palo ya
dipeo kilogramong ka nngwe.
Mokgwa wa tshebetso Dimela hekthareng ka nngweSebedisa theipi ho metha bolelele ba dimithara
tse 10 tsa dimela tse jetsweng meleng ya dinawa
tsa soya bonyane palohareng ya disampole
tse 10 tsa dijothollo masimong a itseng. Qoba
moo karolo ya masimo e tswetseng ka ntle, e
leng hangata qetellong ya masimo a ntseng a
lekolwa.
Bala palo ya dimela tse jereng mekotlana
ya peo ka hara dimithara tse ding le tse ding tse
10 tsa bolelele ba mola. Arola palo kaofela ho
tswa disampoleng tse 10 ka 10 hore o fumane
palohare ya dimela ho ya ka mola ka mong wa
dimithara tse 10. Atisa karabo ena ka 10 ho fu-
mana palo ya dimela tse jereng mekotlana ya peo
dimithareng tse ding le tse ding tse 100 tsa mela
e jetsweng hekthareng ya disekweremithara tsa
bolelele ba dimithara tse 100 katisong ka 100 di-
sekweremithara. Mabapi le mela ya dimithara tse
,92 dipakeng atisa karabo e ka hodimo mabapi le
mela ya dimithara tse 100 tsa mela ka 110 mela
e jetsweng hekthareng ka nngwe hore o fumane
karabo e hlokahalang ya dimela tse jereng me-
kotlana hekthareng ka nngwe. Sebedisa katiso
ya mela e 133 ya hekthara ka nngwe e jetsweng
mabapi le mela ya dimithara tse ,75.
Mekotlana ya peo le dipeo hekthareng ka nngweIkgethele feela dimela dife kapa dife tse 10, mme
o bale mekotlana ya tsona. Arola ka 10 ho fu-
mana palohare ya mekotlana ya semela ka seng.
O nne o hopole hore mekotlana e leng ka tlasa
12 cm ho tloha mobung ke eo ho ka etsahalang
hore ebe ke eo hloho ya motjhine o kotulang e
sitilweng ho e nka. Bula mekotlana, mme o lekole
palo ya dipeo tse hotseng hantle mokotlaneng ka
mong, e leng moo hangata di fapanang ka dipeo
tse 2 ho isa ho tse 3 mokotlaneng ka mong. Se-
lemong sa komello, sebedisa 2, selemong se
tlwaelehileng, sebedisa 2,5, mme selemong se
setle, sebedisa 3. Atisa palohare ya mekotlana
ka palohare ya dipeo, atisa ka palo ya dimela he-
kthareng ka nngwe hore o fumane palo ya dipeo
hekthareng ka nngwe.
Jwalo ka ha ho bonahala Theiboleng ya 1,
boima ba peo bo fapana haholo, mme bo ka ama
haholo diphetho tsa tekanyetso ya kuno. Kgetha
kapa lekanyetsa kapa lekanya boima ba peo hore
tsena di nepahale, mme ebe o atisa palo ya dipeo
hekthareng ka nngwe ka boima ba peo ka nngwe.
Arola ka 1 000 ho fumana boima ba kilograma
hekthareng ka nngwe, mme hape le ka 1 000 ho
fumana boima ba tone hekthareng ka nngwe.
Fokotsa palo ena ka 10% mabapi le tahlehelo ka
baka la tahlehelo kotulong le ho pshatleha.
MohlalaHa o se o entse tekolo masimong jwalo ka ha ho
hlalositswe hodimo mona, mme o fumane mo-
kgwa wa tshebetso, jwalo mokgwa wa tshebetso o
bontshwa tlase mona. Palohare ya palo ya dimela
ho ya ka diteko tsa dimithara tse ding le tse ding
tse 10 ke 220; bophara ba mela ,92; mekotlana se-
meleng ka seng 20; dipeo mokotlaneng ka mong
2,5; boima ba dikhenele tsa peo 0,15 grams.
Tshebetso ya dipalo• 220 dimela tekong ka nngwe x 10 (100 dimi-
thara tsa mela) x 110 (mela hekthara ka nngwe)
= 242,000 mekotlana/hekthara ka nngwe.• 242,000 mekotlana/hekthara ka nngwe x 20
(mekotlana) x 2,5 (dipeo mokotlana ka nngwe)
= 12,100,000 dipeo hekthareng ka nngwe.• 12,100,000 x 0,15 (grams peo ka nngwe)/1 000
(dikilogramo hekthara ka nngwe)/1 000 (ditone
hekthara ka nngwe) = 1,815 ditone hekthara ka nngwe.
• 1,815 ditone hekthara ka nngwe tlosa 10%
= 1,815 x ,90% = R1,64 ditone hekthara ka nngwe, e leng tekanyetso ya kuno e lebe-lletsweng.
Dikeletso kotulongE nngwe ya dintlha tsa bohlokwa haholo tlha-
hisong ya dinawa tsa soya ke tlhokomelo e ntle
ya motjhine wa hao o kotulang hore o be mae-
mong a matle, le di-settings di nepahale tsa lebelo
la drum le header, mme tsena di be teng haufi
hang ha nako e fihla ya hore masimo a kotulwe.
Sejothollo se seng se emetse feela ho kotulwa ha
se a lokela ho senyetswa nako hobane hang ha
pula e ka na, tahlehelo e ka ba e kgolo. Haeba o
sebedisa rakonteraka, eba le bonnete hore o tla
ba teng hang ha o tsebisitswe hore sejothollo sa
hao se se se loketse ho kotulwa.
QeteloSebedisa tekanyetso ya kuno ya dinawa tsa soya
e le sesebediswa sa moralo wa kotulo ya sejothollo
sa jwale hammoho le mokgwa wa ho etsa tekolo
ya hore ke mekgwa efe ya tsamaiso e tla o thusa
ho fihlella tlhahiso e ntle dihleng tse tlang.
Boima ba dipeo (grams)
Peo/kg Tlhaloso ya boholo ba peo
0,18 5 556
Disampole tse
tiisitsweng tsa peo
kgwebong
0,17 5 882
0,16 6 250
0,15 6 667Sampole ya peo
e kotutsweng pola-
sing – selemong se
tlwaelehileng
0,14 7 143
0,13 7 692Peo e kotutsweng
polasing – selemong
sa komello kapa e
jetsweng morao
0,12 8 333
0,11 9 091
Theibole ya 1: Boima/bongata ba peo hekthareng.
MADE POSSIBLE
BY OPOT
8
TLHAHISO YA DINAWA TSA SOYA
Ditaba tsena re di kumelwa ke Michelle Mokone, Moikonomi ho tsa Temo: Grain SA. Ho fumana lesedi le batsi, romella e-meile ho [email protected].
Monyetla wa tlhahiso e ntle ya nawa tsa soya Afrika Borwa
Tlhahiso ya peo tsa ole lefatsheng e ile ya
phahama haholo haesale ho tloha ka 2012
haholoholo ka baka la kgolo United States,
Brazil le Argentina. Lebaka le leng la hona ke di-
tlhoko tsa dijo tse ntseng di eketseha lefatsheng
haholoholo bareking ba baholo ba kang China.
Nakong yona ena, Afrika Borwa le yona e bile le
keketseho tlhahisong, le hoja e sa ntse e le tlasa
tlhoko ya selemo le leselemo.
Le ha ho le jwalo, kgolo tlhahisong ya dinawa tsa
soya tsa selehae e ile ya sitiswa ke sehla sa komello
sa 2015/2016. Pakeng tsa sehla sa mmaraka sa
2014/2015 le sa 2015/2016, tlhahiso ya dinawa tsa
soya e ile ya theoha ka 30% ho tloha ditoneng tse
1 070 000 ho isa ho tse 741 550. Le ha ho le jwalo, ha
re shebela pele, ho bonahala matshwao a kgonahalo
ya ho hlahisa hloho sehleng sena.
Ha re sebedisa ditekanyetso tsa tlhahiso tsa
Komiti ya Ditekanyetso Dijothollong, e leng tsa
2017/2018 tsa selemo sa mmaraka, tekanyetso ke
hore tlhahiso ya dinawa tsa soya Afrika Borwa e tla
fihla ditoneng tse 946 000. Mmoho le hona, tebello ke
hore tshebediso ya phepo e tla phahama, mme e ka
nna ya eketseha ka 28% ho tloha sehleng sa jwale.
Dinawa tsa soya tse jewang ke batho le tsona
di lebelletswe ho phahama ho tloha ditoneng
tse 23 800 tsa sehla se fetileng ho ya ho tse
25 000. Ela hloko hore keketseho ho tse hlo-
kwang ka hara naha mabapi le dinawa tsa soya
e tlisa keketseheo ho tse romellwang di etswa ka
ntle jwalo ka ole le kuku ya ole, e leng se bole-
lang hore tlhahiso ya rona naheng ena ha e eso
lekane ho kgotsofatsa tlhoko e ntseng e hola ya
ka hara naha.
Theibole ya 1 e bontsha setshwantsho sa
Grain SA sa Phepelo le Tlhoko. Re lokela ho ela hloko
hore le hoja kgonahalo e le teng ya palohare ya sejo-
thollo sehleng se tlang, Afrika Borwa e ka nna ya iphu-
mana e romellwa dinawa tsa soya tse tswang ka ntle
– e leng ditekanyetso tsa ditone tse ka bang 70 000.
Hona ho supa monyetla o bonahalang tlhahisong
ya dinawa tsa soya lefatsheng leo phepo ya batho le
diphoofolo e ntseng e phahama.
Kerafong ya 1 ya mesebetsi ya Afrika Borwa di-
nawa tsa soya tse kenang le tse tswang nakong ya
dilemo tse tharo tse fetileng, ho hlakile hore le hoja
ho bile teng keketseho ho tse romellwang di etswa
ka ntle, ho bile teng keketseho ya tse romellwang ka
ntle ho naha. Ka baka lena, ho molemo hore balemi
ba nahane ka dinawa tsa soya nakong ya ho etsa
merero ya bona hore ba kgone ho shebana le tlhoko
e ntseng e hola ya selehae hore qetellong ba kgone
ho fokotsa ditlhoko tsa thomello ya tse tswang ka ntle
ha nako e ntse e tsamaya, mme ba ntse ba hloko-
metse hore naha e na le tlhahiso e lekaneng ya me-
baraka ya tse romellwang ka ntle. Ha re boletse tjena,
phaello e tla ba yona ntlha e kgolo e tla tataisa qetong
ya motho nakong ya dihla tsa ho jala.
Phepelo le tlhoko ya nawa tsa soya afrika borwaTlhophiso botjha
Pherekgong 17
Grain SA pele Tlasa palohare Palohare
Ho feta
palohare
2017/2018** 2017/2018** 2017/2018**
Selemo sa mmaraka 2016/2017* Tjhebo 1 Tjhebo 2 Tjhebo 3Sebaka sa tjalo
(x 1 000 dihek)
502,80 542,20 542,20 542,2
Kuno (ditone/hekthara) 1,47 1,50 1,65 1,8
CEC tekanyetso
('000 ditone)741,55 813,30 894,63 975,96
('000 ditone) ('000 ditone) ('000 ditone) ('000 ditone)
Phepelo kgwebongThepa ya pulo
(1 Hlakubele)
89,13 146,83 146,83 146,8
Tsamaiso ya thepa 711,55 783,30 864,63 945,96
Tse kenang 450,00 230,00 150,00 70
Phepelo kaofela 1 250,68 1 160,13 1 161,46 1 162,792
Tlhoko kgwebongDijo 23,81 24,80 24,80 25
Phepo (soya mafura/
nonneng)
103,12 132,00 132,00 132
Sitsweng ya ole
& oilcake
960,00 850,00 850,00 850
Kaofela 1 086,92 1 006,80 1 006,80 1 007
Tse tswang 8,00 9,00 9,00 9
Tlhoko kaofela kgwebong
1 103,85 1 026,80 1 026,80 1 027
Tswela pele (28 Hlakola)
146,83 133,33 134,66 136
Ditlhoko tse ding 135,87 125,85 125,85 126
Phaello ka hodimo 10,97 7,48 8,81 10
Theibole ya 1: Ditekanyetso tsa Phepelo le Tlhoko. Mohlodi: Grain SA
0
2 000
4 000
6 000
8 000
0
50 000
100 000
150 000
200 000
250 000
300 000
2014/2015 2015/2016 2016/2017
Tse
tsw
ang/
Expo
rts
Tse
kena
ng/i
mpo
rts
Thomello – tse tswang le tse kenang SA
Tse kenang/imports Tse tswang/Exports
Kerafo ya 1: Thomello ya tse kenang le tse tswang ya Dinawa tsa soya tsa Afrika Borwa. Mohlodi: SAGIS
9
MADE POSSIBLE
BY OPOTMEBARAKA
10
MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUST
Ditaba tsena re di kumelwa ke Marius Greyling, mophehisi ho tsa Pula Imvula.Ho fumana lesedi le batsi romella e-meile ho [email protected].
Bohlokwa ba setatemente sa tjhelete e kenang
Ho a mang a mathathamo a rona ma-
bapi le tsamaiso re buile ka dintlha
tse fapaneng tsa ho phalla ha setate-
mente sa tjhelete e kenang. Kajeno re bua
ka botebo ka bohlokwa ba setatemente sa
tjhelete e kenang.
Komello eo re tswa ba le yona e re bontshitse
hore ho bohlokwa haholo tsamaisong ya ditjhe-
lete ho ela hloko setatementse sa tjhelete e
kenang. Matsatsing a kajeno tjhelete e kenang
mohlomong ke yona ntlha ya bohlokwahlokwa
tsamaisong ya kgwebo ya temo.
Tsamaiso ya ditjhelete e na le mesebetsi e
mene ya sehlooho, mme wa pele ke ho boloka
direkoto tsa ditjhelete le ho bokella disetate-
mente tse hlokahalang tsa ditjhelete. Sepheo
sa di setatemente ke ho tseba sephetho sa
ditjhelete (phaello/tahlehelo) ka setatemente sa
tjhelete e kenang, ho tseba boemo ba ditjhelete
(boemo ba maruo papisong le dikoloto/melato)
ka leqephe la balance/tjhelete e setseng, le ho
tseba boemo ba tjhelete e kenang le e tswang, e
leng tse ka etswang ka setatemente sa tjhelete
e kenang/tswang. Dintlha tsohle tse tswang se-
tatementeng di fana ka setshwantsho sa katleho
ya kgwebo ya hao. Kgwebo ya hao e atlehile ka
100% haeba diphetho tsa disetatemente tsena
tse tharo di le ntle.
Kotsi e ka bang teng mosebetsing ona wa
ho bokella disetatemente tsa ditjhelete ke hore
ho ka nna ha etsahala hore motho e mong
ya utlwisisang mosebetsi ona hantle a etse
diphetoho tse itseng dipalong tse hlahellang
disetatementeng, haholoholo leqepheng la
balance/e setseng, mme ho feta mona le se-
tatementeng sa tjhelete e kenang, ho fihlella
morero o itseng wa hae. Hona ho ka etsahala
mabapi le taba ya lekgetho kapa nakong eo
motho a batlang ho etsa kadimo ya tjhelete. Le
ha ho le jwalo, ka baka la hore setatemente se
bontsha ho kena le ho tswa ha tjhelete kgwe-
bong, ha ho bonolo ho fetola dintlha tsena
hore di dumellane le sepheo se itseng sa hae.
Setatemente sa hao sa ho kena le ho tswa ha
tjhelete se tshwanetse ho dumellana le setate-
mente sa hao sa banka ka matsatsi (date). Se-
tatemente sa banka ke mohlodi wa maemo a
ditjhelete. Hona ke bohlokwa ba pele ba nnete
setatementeng sa ditjhelete tse kenang le tse
tswang – hona ho fana ka lesedi le nepahe-
tseng la ditjhelete mabapi le ho kena le ho
tswa ha tjhelete kgwebong.
Tabeng ya bobedi, setatemente sa hao sa
ho kena le ho tswa ha tjhelete ke sona sa pele
se tla o bontsha haeba phoso e le teng kgwe-
bong ya hao. Kgwebong e tlwaelehileng ya
mefuta e tswakantseng dintho tse ngata, ratio
(papiso) ya ho kena ha tjhelete e tshwanetse
ho ba 120% kapa ho feta mona. Ratio e se-
betswa ka ho beha tjhelete e kenang/e tswang
ka mokgwa wa diperesente. Ntlha ena e tla ba
ya nnete ha feela setatemente sa tjhelete se
nepahetse, e le sa letsatsi le letsatsi. Ka the-
knoloji ya kajeno, hona ho a kgonahala.
Tabeng ya boraro, hantlentle setatemente
sena se bontsha hore na o tla ba le tjhelete e
lekaneng nakong efe kapa efe, jwalo ka mafe-
long a kgwedi, hore o lefe tseo o batlang ho di
lefa. Mohlala, tefo ya meputso, ya motlakase,
ditefello tsa kgwedi le kgwedi tsa diakhaonto,
le tse ding. Ha ho etsahala hore o hlolehe ho
lefella melato e itseng ya hao nakong efe kapa
efe, hona ke letshwao la hore bothata bo se
bo le teng kgwebong ya hao haese haeba o
na le lebaka le utlwahalang la hore hobaneng.
Mohlomong o bile le ditshenyehelo tse kgolo
tlhahisong ya hao pele ho kena tjhelete ya di-
jothollo tse esong ho kotulwe.
Tabeng ya bone, ntlha e nngwe ya bohlo-
kwa ya setatemente sa tjhelete e kenang/e
tswang ke ho sheba ka moo kgwebo e kgo-
nang ho lefa melato ya yona ka teng. Hangata
hona ho fihlellwa ka ho sheba dintlha jwalo ka
ha di shebetswe pele ho ya ka setatemente
sa tjhelete e kenang. Moraorao tjena hona ke
taba ya bohlokwa ha o etsa kopo ya kadimo
ya tjhelete. Mona moadimisi wa tjhelete o tla
sheba ka ihlo le ntjhotjho setatemente sa tjhe-
belopele ya tjhelete e tla kena. Moadimisi wa
tjhelete o tla be a shebe ratio ya tjhelete e she-
betsweng pele hore e tla kena jwang. Jwalo
ka ha re hlalositse, ratio ena e tshwanetse ho
ba 120% kapa ho feta, e leng hore o tla ba
le tjhelete e lekaneng ho lefa melato yohle ya
hao hammoho le ditshenyehelo tse ding jwalo
ka ha ho hlokahala.
Ntle le tseo re buang ka tsona tsa bohlo-
kwa tsa setatemente sa ho kena le ho tswa ha
tjhelete, boleng ba bohlokwa ba setatemente
sena bo bonahala ha ho sebediswa tsamaiso
e nepahetseng ya ditjhelete mabapi le setate-
mente sena. Hona ho kenyeletsa taba ya hore
pele selemo sa ditjhelete se qala, o tshwane-
tse ho etsa kapa ho bokella setatemente sa
hore tjhelete e tla kena jwang (tjhelete e she-
belwang pele), e leng e tla bapiswa le setate-
mente sa tjhelete e felang e kena bonyane
kgwedi le kgwedi.
Ka ho etsa tjena, o ba le taolo ditjheleteng
tse tswang, mme ha ho etsahala hore ho
sebediswe tjhelete e fetang e neng e rerilwe,
tlhaloso e tshwanetse ho ba teng hore ho-
baneng ho bile jwalo, mme maemong ana o
tla tshwanela ho laola ka thata setatemente sa
tjhelete e kenang le e tswang. Nnete ke hore
tjhelete e tswang ya ditshenyehelo ke boikara-
belo bo mahetleng a hao.
Tjhelete e kenang, ka tlwaelo e angwa ke
dintlha tse ngata tse fapaneng tseo hangata
molemi a se nang taolo e kgolo hodima tsona.
Haeba tjhelete ya hao e kenang e le nyane ho
feta ka moo o neng o lebeletse ka teng, o tla
tshwanela ho fokotsa dintho tse ngata tse jang
tjhelete. Tjhelete e nyane e bolela hore ke tjhe-
lete e nyane eo o ka e sebedisang. Ka baka lena,
o tla tshwanela ho sheba ditshenyehelo tsa hao
hantle, mme ha ho kgonahala, o tla tshwanela
ho behela ka thoko tse ding tseo o neng o batla
ho di etsa. Tjhelete e nyane e kenang e ka nna
ya o qobella ho etsa kopo ya ho thuswa ka tjhe-
lete ya tla tsetso hore o kgone ho tsamaisa kgwe-
bo ya hao.
Ha re dihela dikgala, hore o kgone ho hla-
hisa hloho maemong ana a boima kgwebong
ya temo mona Afrika Borwa, taba ya bohlokwa
ke ho tseba haholo ka ditjhelete.
TSAMAISO
11
MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUSTMEFUTA E SA TSEJWENG YA DIMELA
Ditaba tsena re di kumelwa ke Ingrid Marti, Freelance Journalist. Ho fumana lesedi le batsi romella e-meile ho [email protected].
Mefuta e hlaselang, e sa tsejweng ya dimela
Boholo a metsi a Afrika Borwa bo sebedi swa
ke dimela tseo e seng tsa mona. Di bitswa
dimela tse hlaselang, tse sa tsejweng.
Dimela tsena di a hlasela hobane di a nama, mme
di nka sebaka sa dimela le difate tsa tlhaho.
Mefuta ena ya dimela tse hlaselang, tse sa tse-
jweng, ke tseo ho kena ha tsona le/kapa ho nama
ha tsona ho kenyang tsietsing mefuta ya tsa tlha-
ho. Ha se tsa sebaka sena lenaneng la dimela tsa
mona, mme di ka nna tsa baka kotsi ikonoming le
tikolohong. Di na le sekgahla se sebe dimeleng le
ho tse phelang, ho kenyelleditswe ho theoha ha
palo kapa ho fediswa ha mefuta ya mona la peng
– ka mokgwa wa phehisano mabapi le metsi le
tshenyo mesebetsing e tlwaelehileng ya dimela
tsa selehae. Dimela tsena tse seng di le teng, tse
namelang ka thoko ho sebaka sa tsona sa tlwaelo,
di se di batla di amme tlhaho mefuteng e meng le
e meng ya tlhaho lefatsheng, mme ke e nngwe ya
dikotsi tse kgolo tlhahong.
Ka ntle ho dira tsa tlhaho, dimela tsena di ika-
tisa le ho nama kapele le ho nka metsi le sebaka
sa dimela tsa rona tsa naha ena. Dimela tsena
tse sa tsejweng di sebedisa metsi a mangata ho
feta dimela tsa selehae, mme di qeta mehlodi ya
bohlokwa ya metsi. Dihlahla tse teteaneng, tse
sa tsejweng di ka nna tsa baka mello dithoteng,
e leng e ka bakang motjheso o moholo o ka se-
nyang popeho ya mobu o tjheleng. Dimela tsena
di bakela Afrika Borwa tshenyo ya dibiIione tsa
diranta ka selemo ka baka la tahlehelo tlhahisong
ya temo hammoho le ditjhelete tse sebediswang
ho tlosa dimela tsena kapa ho di laola. Dimela
tsena tse sa tsejweng ke kotsi ya sehlooho tlha-
hisong, mme di senya tekatekano e ntle ya tlhaho
e lebelletsweng dimeleng. Ka ha bophelong re
itshetlehile ka metsi, patsi, moya o hlwekileng,
meriana le tse ding, ho bohlokwa hore re tshire-
letse mehlodi ena ya rona.
Melawana e hlwaile mefuta e 559 e sa tse-
jweng, ho kenyelleditswe mefuata e 383 ya dime-
la, e hlaselang ho ya ka mekgahlelo e mene e
fapaneng, hammoho le mefuta e meng e 560 e
ngotsweng lenaneng e le e thibetsweng ho kena
naheng ena. Etela https://www.environment.co.za
mabapi le lenane la dimela tsena tse sa tsejweng
hammoho le mekgahlelo ya yona.
.
Mekgahlelo ya Dimela tse hlaselang, tse sa tsejweng• Mokgahlelo wa 1a le 1b: Tsena di tlamehile ho
tloswa le ho fediswa hanghang.
• Mokgahlelo wa 2: E ka nna ya lengwa haeba
tumello e fumanwe, mme monga masimo a fana
ka tiisetso ya hore mefuta ena e hlaselang e ke
ke ya namela ka ntle ho tulo ya hae.
• Mokgahlelo wa 3: Dimela tsena di ke ke tsa
jalwa.
Ela hloko hore dimela tsena tse hlaselang di beilwe
ho ya ka manane a fapaneng diprovenseng tse
fapaneng.
Taolo ya makgulo a sa tsejwengHo teng mekgwa e mmalwa e fapaneng ya ho laola
kgolo le ho nama ha dimela tsena tse hlaselang,
tse sa tsejweng. “Phekolo” e laolwa feela ke mofuta
o lokelang ho laolwa.
TlhahoTse ding tsa dimela tsena tse sa tsejweng di na le
dira tsa tlhaho, tse kang dikokwanyana le malwe-
tse a hlaselang dimela tse itseng. Disebediswa tse
laolang (dikgolabolokwe, dikokwanahloko) ke tse
tswang naheng ya dimela tsena, mme di lokollwa
mona mmoho le mefuta ena e hlaselang.
Ka matsohoDihlasedi tse sa ntsaneng di le nyane di ka tloswa
ka matsoho mobung. Dimela di tshwanetse ho
tloswa mobung ka boikarabelo ho thibela hore di
se ke tsa boela tsa mela hape.
Ka metjhineDimela tse kgolo le difate di ka rengwa, tsa kgao-
lwa. Difate di ka nna tsa bolawa ka ho tlosa lekga-
petla la 30 cm - 40 cm ho potoloha le dikutu tsa
tsona (e leng se bitswang potoloho-kutung). Hona
ho thibela dijo tse yang mahlakung, mme ho thusa
ho bolaya sefate.
DikhemikhaleMekgwa e mmedi kapa e fetang mona e ka nna ya
sebediswa ka nako e le nngwe, mohlala, potolo-
ho-kutung le ho fafatsa kutu ka tjhefo e bolayang
lehola.
O ka thusa jwang?• Ithute ho tseba, ho laola le ho tlosa dimela tsena
tse hlaha, tse sa tsejweng.
• Ruta ba bang.
• Joina kapa bopang sehlopha se lwantshang
dimela tsena tse hlaha, tse fumanehang diba-
keng tsa lona.
• Tlosa dimela tsena hanghang ha di sa ntse di
le nyane.
• Sebedisa dimela tsa lehae bakeng sa tsena tse
sa tsejweng.
• Jareteng ya hao jala dimela tsa mona lapeng,
tse ratang metsi.
Dimela tsena tse hlaha hammoho le molaoMosebetsi wa ho laola dimela tsena tse hlaha
haholoholo ke boikarabelo bo mahetleng a beng
ba mobu. Kgweding ya Phato 2014, Letona la Di-
taba tsa Tikoloho le ile la phatlalatsa “Melawana ya
Mefuta e Hlaha (e sa tsejweng), e Hlaselang” ka
sepheo sa ho fokotsa sekgahla se sebe sa dime-
la tsa mofuta ona. Melawana ena ke boipiletso
ho beng ba mobu le barekisi ba mobu ho thusa
Lefapha la Ditaba tsa Tikoloho ho baballa dimela
tsa naha ena ya rona le ho ntshetsa pele tshebedi-
so e matla ya naha ya rona.
Ho se ikamahanye le melawana ena e ka nna
ya ba tlolo ya molao e jereng kahlolo ya diranta tse
dimilione tse hlano (dimilione tse leshome haeba
e le tlolo ya bobedi) le/kapa nako ya ho hlahlelwa
ntlwanatshwana dilemo tse ka fihlang ho tse le-
shome.
Tse 5 tse ka sehloohong (dimela tse hlaha, tse sa tsejweng) ho ya ka diprovenseDimela tsena di tsejwa ka mabitso ana a latelang:
• Gauteng: Balloon vine, Black wattle, Bloodbe r-
ry, Bugweed, Castor oil plant.
• KwaZulu-Natal: African tulip tree, Ash leafed
maple, Baloon vine, Bloodberry, Bugweed.
• Limpopo: Black locust, Bugweed, Butterfly or-
chid tree, Castor oil plant, Kudzu vine.
• Mpumalanga: Coral creeper, Moth catcher, Yel-
low flowered Mexican poppy, Butterfly orchid
tree, Camphor tree.
• Northern Cape: Blue leaf cactus, Castor oil
plant, Chinese tamarisk, Common thorn apple,
Giant reed.
• North West: Bird of paradise flower, Boxing
glove cactus, Canary bird bush, Common dod-
der, Four o’clock.
• Western Cape: Rooikrans, Black wattle, Port
Jackson, Silky hakea, Long leafed wattle.
Websaete tse amehang• Mabapi le tsa Metsi www.wfw.org.za.• Tikoloho www.environment.co.za.• Mefuta e hlaselang ya Afrika Borwa www.inva-
sives.org.za.
12
MADE POSSIBLE BY
THE MAIZE TRUST
Simo Themba Zwane Grain SA e buisana le…
LEHLAKORE LA BOPHELO
Ditaba tsena re di kumelwa ke Jurie Mentz, Co-ordinator of the Grain SA Farmer Development Programme, Vryheid. Ho fumana lesedi le batsi romella e-meile ho [email protected].
Simo Themba Zwane Grain SA e buisana le…
Simo Zwane ke setho se mafolofolo sa se-
hlopha sa boithuto sa Louwsburg ho la
KwaZulu-Natal. O dilemo tse 35, mme
o sebedisa seo a nang le sona ho ya ka matla
a hae.
O sehwai hokae, sa dihekthara tse kae? O sehwai sa eng?Ke tshwere temo Louwsburg Lekeisheneng la
Mzamo (Mmasepaleng wa Abaqulusi, Provenseng
ya KwaZulu-Natal). Ke qadile ho jala poone dihek-
thareng tse 0,2, mme hajwale ke tshwere temo
masimong a kopanetsweng moo ke jalang poone
le dinawa tse ommeng dihekthareng tse 1,5 tsa
mobu o ommeng. Ka ha ha ke na disebediswa ke
itshebeletsa ka matsoho a ka.
Se o fang tjheseho/mafolofolo ke sefe? Ka baka la hobane menyetla ya mesebetsi e le
siyo, sena se mpha tjheseho ya ho ba molemi
ya atlehileng. Ke bona temo e le yona feela e ka
nthusang ho phela le ho hlola tlala le ho beha dijo
tafoleng. Ke batla ho tswela pele bophelong le ho
iketsetsa letho ka bonna hobane ha ho mang ya
ka nthusang. Ke ithutile hore temo ke bophelo ba
ka, mme e fa lelapa la ka dijo le tjhelete e kenang.
Hlalosa matla le bofokodi ba haoMatla: Ke sa le motjha dilemong, ke mafolofolo,
mme ke dumela hore nka etsa se seng le se seng
se hlokahalang masimong ka matsoho a ka. Ke
phehelletse ho intlafatsa le ho ba le bokgoni ba ho
etsa tsohle tseo ke di rutilweng.
Bofokodi: Ditjheleteng ha ke motle hakaalo, mme
ha ke na disebediswa dife kapa dife tseo e leng tsa
ka. Ke iketsetsa tsohle ka matsoho a ka.
Kuno ya dijothollo tsa hao e bile jwang ha o ne o simolla ka temo? Dikuno tsa hao di eme jwang hajwale?Ha ke ne ke qala, ke ne ke kgotsofaletse ho ko-
tula palohare ya tone e le nngwe ho isa ho tse
2 hekthara ka nngwe nakong ya sehla se setle.
Ke ha Grain SA e fihla ka theknoloji e ntjha le me-
kgwa e molemo ya ho hlahisa poone. Hajwale ke
se ke le mohatong wa ditone tse 3,5 ho isa ho tse
4 hekthareng ka nngwe mobung o ommeng, mme
ho bile jwalo le tlasa komello e kgolo eo re bileng le
yona sehleng se fetileng.
O nahana hore se kentseng letsoho tswelopeleng le katlehong ya hao e bile sefe?Ho kena sehlopheng sa boithuto sa Grain SA, ho
ba teng dikopanong tsa sehlopha sa boithuto, ho
ba teng matsatsing a balemi, ho etsa dithuto tsa
kwetliso – ke se bileng bohlokwa tswelopeleng ya
ka. Ke boetse ke na le tjheseho temong le mai-
kemisetso a ho tswela pele ho ithuta tse ntjha.
Ke kwetliso efe eo o seng o e fumane ho fihlela mona, mme ke efe eo o lakatsang ho ba le yona?Ke bile teng dithutong tsa Selelekela Tlhahisong
ya Poone le tsa Dithuto tsa Motheho tsa Tokiso ya
Enjine. Ke sa lakatsa ho ithuta haholwanyane ka
Tlhahiso ya Dinawa tse Ommeng, Tlhokomelo ya
Terekere le Boitsebelo ba Workshopo le dikwetliso
dife kapa dife tse ka nthusang ka boitsebelo ho tsa
temo. Ke sa ikemiseditse ho ithuta ka ha hona ho
tla nthusa ho sebetsa hantle temong.
O ipona o le hokae nakong ya dilemo tse hlano? O ka lakatsa ho fihlella dife?Nakong ya dilemo tse hlano ke tla lakatsa ho ato-
losa mosebetsii wa ka wa dihekthara tse 10 ho ya
ho tse 20 mobung o kopanetsweng wa setjhaba.
Ke lakatsa ho ba molemi ya atlehileng, ya lemang
dithollo tse ding eseng poone feela, ke be mofepedi
wa mmaraka wa selehae, mme ke batla ho nna ke
hola temong. Ke rata ho hlahisa poone e ngata he-
kthareng ka nngwe empa ke hloka kwetliso le tsebo
e ngatanyana.
Keletso ya hao ke efe ho balemi ba batjha ba ntseng ba thuthuha?Ba tshwanetse ho sheba temo e le kgwebo. Ba se
ke ba e balehela hobane matsatsing a kajeno me-
nyetla ya mesebetsi ha e yo, mme ba tlamehile ho
sebedisa masimo a bona, le ha a ka ba manyane
hakae. Motho o tshwanetse ho ba le tjheseho te-
mong le ho dumela ho yena ka boyena le ho tswela
pele ho sebetsa ka thata.
PULAPULAIMVULAIMVULABahlophisi
GRAIN SA: BLOEMFONTEINSuite 3, Private Bag X11, Brandhof, 93247 Collins Street, ArboretumBloemfontein 08600 47246 Fax: 051 430 7574 www.grainsa.co.za
MOHLOPHISI YA KA SEHLOHONGJane McPherson 082 854 7171 [email protected]
MOHLOPHISI WAPHATLALATSOLiana Stroebel 084 264 1422 [email protected]
MORALO, TLHOPHISO LE HO PRINTAInfoworks 018 468 2716 www.infoworks.biz
PULA/IMVULA E FUMANEHA KA DIPUO TSE LATELANG:Sesotho,English, Afrikaans, Setswana, Sesotho sa Leboya, Sezulu le Seqhotsa.
Lenaneo la Grain SAla Ntshetsopele ya MolemiBAHOKAHANYI BA NTSHETSOPELEJohan KrielForeisetata (Ladybrand) 079 497 4294 [email protected] Ofisi: 051 924 1099 Dimakatso Nyambose
Jerry MthombothiMpumalanga (Nelspruit) 084 604 0549 [email protected] Ofisi: 013 755 4575 Nonhlanhla Sithole
Jurie MentzMpumalanga/KwaZulu-Natal (Louwsburg) 082 354 5749 [email protected] Ofisi: 034 907 5040 Sydwell Nkosi
Graeme EngelbrechtKwaZulu-Natal (Louwsburg) 082 650 9315 [email protected] Ofisi: 012 816 8069 Sydwell Nkosi
Ian HousehamEastern Cape (Kokstad) 078 791 1004 [email protected] Ofisi: 039 727 5749 Luthando Diko
Liana StroebelWestern Cape (Paarl) 084 264 1422 [email protected] Ofisi: 012 816 8057 Hailey Ehrenreich
Du Toit van der WesthuizenNorth West (Lichtenburg) 082 877 6749 [email protected] Ofisi: 012 816 8038 Lebo Mogatlanyane
Sinelizwi FakadeMthatha 071 519 4192 [email protected] Ofisi: 012 816 8077 Cwayita Mpotyi
Articles written by independent writers are the views of the writer and not of Grain SA.
THIS PUBLICATION IS MADE POSSIBLE BY THE
CONTRIBUTION OF THE MAIZE TRUST