moatjhebishopo thabo makgoba - hopeafrica.org.za · moatjhebishopo thabo makgoba selelekela –...

17

Upload: others

Post on 07-Sep-2019

9 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

Moatjhebishopo Thabo MakgobaSelelekela – Dithuto tsa Beibele tsa ho Itima Dijo 2009

_____________________________________________________________ Batho ba Modimo, boausi le boabuti, lebitsong la Kreste wa Kereke ya Anglikhen ya Afrika Borwa Tshebeletsong e neng e tshwerwe ke nna nakong eo ke neng ke hlongwa ho ba Moatjhebishopo; ke ile ka le leboha ha le ile la sebetsa mmoho le nna ho boleleng ditaba tsa Modimo. Ke ile ka le kopa hore le nthuse ho qala fatshe, re batlisise hore na ho bolela eng ho a mmele wa Kreste matsatsing ana a kajeno, le hore Modimo le Jesu Kreste ba amana jwang. Dithutho tsena tsa Beibele di hlophiseditswe ho re thusa dipatlisisong tsa rona. Di nka dimokotaba tsa seKreste tse tsheletseng e leng lerato, kgotso, toka, tshwarelano, poelano le ho fola, mme ka ho etsa hore ho be le ditemana tsa Beibele tse tsamaelana le dipale tse hlahang Profensing ya rona, ho etsa hore re elellwe hore sena se bolela eng maphelong a rona kajeno. Nako ya ho itima dijo ke yona nako e loketseng ho ka ipotsa dipotso tse kang ena. Hangata re nahana hore nako ya ho itima dijo ke nako ya ho tela tse ngata, empa ho tela ho tjena le hona, hona le mo ho fellang teng. Nako ya ho itima dijo e tlameha ho ba nako ya ho nka kgefutso ditshitisong le mesebetsing e meng e itseng, eo e leng hore ke karolo ya maphelo a rona. Hape e tlameha ho ba nako ya ho ipha sebaka sa ho ipatla re ipatlisise hore re tsebe dintho tse tla ba tsona tse tsamaisang maphelo a rona, nakong eo re lekang ho latela Morena Jesu ka botshepehi. Tabatabelo ya Morena Jesu ha se feela hore re tsebe ka lerato la Modimo, kgotso, toka, tswarelano, poelano, le ho fola, empa ke hore re tsebe tsena tsohle ka ho itemohela tsona maphelong a rona, mme re be mehlala eo ba bang le bona ba tla itemohelang tsena ka yona. Thapelo ya ka ho lona lohle ke thapelo e tsebahalang e leng thapelo ya St Paul ya baefese, hore dithuto tsena di le thuse ho ba le matla a ho utlwisisa mmoho le bahalaledi kaofela, mahlakore kaofela, le ho tseba lerato, kgotso, toka, tswarelano, poelano le ho fola – hore le tle le tsebe Modimo ka botlalo. Modimo a le hlohonolofatse, mme ale etse methapo ya kgotso, 'sekgo sa metse' bakeng sa bohle.

SEKGO sa METSI: Ya Bitsitsweng le ho Rongwa ho ba Methapo e Tsamaisa Kgotso

le Tshwarelano _____________________________________________________________ “Ya bitsitsweng le ho rongwa hoba methapo”. Ana ke matsapa a entsweng ke karolo ya batho ba neng ba kgethilwe ke Moatjhebishopo hore ba etse dithuto tsa Bibele ho latela Tjhaje ya hae. Sehlopha sena sa batho se fuwe mosebetsi wa ho shebana le ditaba tse kenyeleditseng bong, mme ditho tsa sehlopha sena di thontswe ho tswa dikerekeng tse hlano tsa Anglikhene.(Anglican Church of South Africa – ACSA). Dithapelo tse ngata di ile tsa lebiswa projekeng ena pele le nakong eo ho neng ho ngolwa dithuto tsena tsa Bibele. Ke kgotsofetse hobane ho entswe mekutu yohle ho etsa bonnete ba hore mosebetsi o hlahisitsweng o tsamaellana le pitso ya rona ya ho tsamaisa lentswe la Modimo. Jwale, re le kopa hore le sebedise dithuto tsena tsa Bibele dikerekeng tsa lona, le haeba le ne le se le entse ditlhophiso tse ding, ka kopo hle, sena ke ho etsa hore dikereke tsa rona difane ka thuto e tshwanang. Bukana ena e itshetlehile ho mokotaba wa Tjhaje eo Moatjhebishopo a nehelaneng ka yona tshebeletsong ya ho hlongwa ha hae (Sekgo sa Metsi). Ke tabatabelo ya hae hore dikereke tsohle tsa ACSA di ithute tsena, mme batho ba teng ba phele maphelo a bona ho di latela. Mongodi wa bukana ena, o tshepa hore dithuto tsena tsa Bibele di tla hohela bohle ba dumelang ho ithuta mmoho, ho rapela, ho fetafeta moo, di tla thusa batho ho bapisa hore na ebe dithuto tsena tsa Bibele di bolela eng maphelong a bona. Re kgothaletsa bohle ba kekeng ba eba teng kopanong ya bohle hore ba sebedise dithuto tsena ho hlabolla meya ya bona. Hona le dithuto tse tsheletseng tsa Bibele tse etseditsweng nako ya ho itima dijo, re kenyeleditse Beke e Halalelang ka bomo, hobane re dumela hore dithapelo tsa Beke e Halalelang di bohlokwa. Dimokotaba tse re di kgethileng ke: Lerato (Mareka 12:28-34); Kgotso (1 Petrose 3:10-12); Toka (Mikea 6:8); Tshwarelo (Matheu 16:21-35); Poelano (2 Bakorinthe 5:16-21) le Ho fodisa (Johanne5:1-9. Thuto ka nngwe ya Bibele e kenyeleditse tse tsamaelang le yona, kapa dikarolo tsena: Thapelo, Temana e tswang Bibeleng, Pale, Papiso le Dipotsa tsa Dipuisano. Taelo e fapana ho ya ka thuto ka nngwe ya Bibele, emp kaofela ha tsona di fella ka dipotso tse maikemisetso a tsona e leng ho etsa hore sehlopha se tsepamise menahano ho mokotaba nakong ya dipuisano. Sena se thusa banka karolo hore ba tsebe ho bapisa diketsahalo tsa Bibeleng le tsa maphelong a rona a ka mehla. Dihlopha di kopjwa ho kgetha a le mong wa ditho ho tsamaisa banka karolo dipuisanong. Ena o tlameha ho ba motho ya itlammeng hoba leloko la sehlopha ho fihlela nako ya dithuto e feela, mme ebe motho ya itlhohisang ka nako, hore a be le kutlwisiso ya bukana ena. Moetapele o koptjwa hore a se ke a bua a le mong

nako e teleele, empa a fe banka karolo sebaka sa ho phehisa le bona. Ho molemo hore o tlohelle Bibele hore e itlhalose, e seng wena o e hlalose. Ho bohlokwa hore o etse bohle ba ikutlwe ba amohelehile pele o qala ka mosebetsi. Dihlopha di ka nna tsa dula ka tsela ya sedikadikwe, empa ha ba sa rate ba ka etsa dintho ka tsela eo maemo ao ba leng ho ona a ba dumellang. Ha bohle ba se ba qhanolotse, moetapele a ka kopa e mong wa ditho ho bula tshebeletso ka thapelo. Ditshebeletso kaofela di tlameha ho qala le ho qetella ka thapelo. Motsamaisi o tlameha ho etsa hore ditho di iketle, di ntshe maikutlo a tsona ka botshepehi. Ho bohlokwa hore puo e sebediswang nakong ya dithuto tsena e be e hlwekileng, haholoholo ditabeng tsa bong. Ditho tsa dithuto tsa Bibele ke batho ba kereke ya ACSA. Bona ke, Moprofesara Denise Ackerman, Moruti Natalie Simon-Arendse, Vicentia Kgame, Luke Pato, Charles Legan, Trevor Pearce le Jo Seoka. Moprofesara Gerald West ke ena mohlophisi wa dithuto tsa Bibele.

Mobishopo wa Tshwane le Modulasetulo.

Mokotaba: Poelano 2Bakorenthe 5:16-21

________________________________________________________________________

Thapelo (Thapelo e lebisitsweng ho St Francis)

Modimo, re etse batsamaisi ba kgotso ya hao, mo honang le lehloyo, re jale lerato,

mo honang le kotsi, re tshwarele, mo honang le kgaohano, re kopanye,

mo honang le qeaqeo, re fane ka tumelo, mo honang le ho ngala, re fane ka tshepo,

mo honang le lefifi, re fane ka lesedi mo honang le maswabi, re fane ka thabo.

Etsa hore re se batle ho kgothatswa ha kalo, empa ebe rona ba kgothatsang,

ho utlwisiswa, empa re utlwisise, ho ratwa, empa re rate.

Hobane ke ka ho fana, re fumanang, ke ka ho tshwarela, re tshwarelwang,

ebile ke ka ho shwa, re tswallwang ho ba le bophelo bo sa feleng.. Pale Pale e latelang ke karolwang ya sengolwa se ngotsweng ke Bishop Michael Nuttall, se a neng a se ngolletse Komishene ya Nnete le Poelano ka 30 Phupjane 1997, mme o ne a ngola a emetse Kereke ya Profensi ya Afrika e ka Borwa ( Church of the Province of Southern Africa – CPSA):

CPSA e rata ho totobatsa taba ya hore yona e emetse kgatikelo kapa tlolo ya molao efe kapa efe e etswang ke komishene. CPSA e se e ntse e kopa tshwarelo ho bao ba tla e tshwara ka pelo, hobane ba dumela hore kereke e hatella ditokelo tsa bona tsa botho, mme kereke e rapela hore batho ba jwalo bahle ba itlhahise hore ho fola ha nnete le poelano di tle di etsahale. CPSA e itlama hore e tla rera ka poelano le ho fola, mme e hlokometse hore bongata ba tshotleho e teng mona Afrika Borwa ke ka lebaka la tsamaiso ya mehleng ya kgethollo e neng e sena botho. CPSA e itlama hore e tla shebana le tse mpe tse hlotsweng ke diketsahalo tse mpe tsa mehleng eo (re ntse re sa lebale hore tshotleho ha se feela ho hloka dintho tsa maemo). “Mohau le Toka...”(Nuttall, 1997)

2 Bakorenthe 5:16-21:

16 ka lebaka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo. 17 Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke mmopuwa e motjha; tsa kgale di fetile; bonang, tsohle di ntjhafetse. 18 Mme tsohle di tswa ho Modimo, o re boelantseng le wona ka Jesu Kreste, e leng wona hape o re neileng tshebeletso ya poelano; 19 ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo

ya poelano. 20 Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo! 21 Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.

Papiso Sengolwa sena se mabapi le poelano le Modimo le Morena Jesu, mme sena ke sona seo Bakreste ba itshepetseng sona. Bakeng sa moapostola Paulose le bakeng sa Bakreste bohle, taelo ya bohlokwa ke hore rata Kreste, mme bopaki ba sena ke ka moo Jesu a neng a sotlehele dibe tsa rona. Ho sotlwa ha Jesu le lefu la hae ho re neile bophelo bo botjha. Ya phelelang Kreste o bona motho e mong le e mong ka mahlo a Kreste, jwalo ka motho ya ratwang ke Kreste mme a pholoswa ke ena, ena ya shwetsweng ke Kreste. Ka lefu la Jesu Kreste re leballetswe tsohle, ka tsoho ya hae re na le bophelo bo botjha. Ha bao ba latelang tsela ya Kreste ba se ba sa iphelele, empa ba phelela Kreste le ba phelang le bona, jwalo ka dikgaitsedi tsa bona, ke bonnete ba hore bophelo bo botjha bo teng. Poelano e se e le teng e tlameha ho bonwa jwalo ka tshepo bakeng sa batho le lefatshe ka kakaretso. Dipotso tsa dipuisano 1.Poelano le tshwarelano di qala kae? 2.Na ebe ke tlameha ho etsa poelano le mang / motho ya jwang? 3.Ke hobaneng re tlameha ho etsa poelano? 4.Ho ya ka wena ke eng e thibelang kapa e diehisang poelano?

Thapelo e kwalang tshebeletso

Modimo o lerato le mosa, o entse hore ho be le poelano mahareng a rona le wena ka bophelo, lefu le tsoho ya mora wa hao Jesu Kreste. Ka hona re o leboha e le ka nnete.

Tshela moya wa hao o halalelang ho rona, hore le rona re tle re be batsamaisi ba poelano, le hona hoba tshepo ho ba utlwileng bohlo le ba felletsweng ke tshepo.

Mokotaba:Tshwarelo Matheu 18:21-35

________________________________________________________________________ Thapelo

Modimo o kutlwelobohloko le mosa, O diehang ho kgupiseha,

O tletseng lerato le botshepehi, O fana ka lerato ho diketekete,

le ho tshwarela tse sa tlwaelehang, bohloho ethatha le dibe. Re thuse hore re boele re elellwe botebo ba ho tshwarela ha hao.

Matheu18:21-35:

21 Yaba hona Petrose a mo atamelang, are: Morena, ngwaneso ha a ntse a ntshitelwa, ke tla mo tswarela hakae na? E tla ba ha supa na? 22 Jesu are ho yena: Ke re ho wena: E se ke ya eba ha supa, e empe ebe ha mashome a supileng a balwang ha supa . 23 ka baka leo, mmuso wa mahodimo o tshwana le morena ya ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae. 24 Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome; 25 mme kahobane a hlokile se a ka lefang ka sona, morena wa hae a laela, are, ho rekiswe ka yena, le ka mosadi wa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethwe jwalo. 26 Empa mohlanka eo a kgumama pela hae, a mo raplela , are: Morena, o ke o nthekolohele, mme ke tla o lefela hohle. 27 Morena wa mohlanka eo a mo utlwela bohloko, a mo lesa, a mo leballa molato. 28 Empa mohlanka eo, ha a tswela kantle, a teana le molekane wa hae wa bohlanka, ya nang le molato ho yena wa didenare tse lekgolo; yaba oya motshwara, a mo kgama, are: Lefa molato wa hao. 29 Molekane wa hae wa bohlanka a itihela maotong a hae, amo rapela, are: Nthekolohele, mme ke tla o lefela. 30 Eo a hana, a mpa a ya, a mo kgoromeletsa teronkong, hore a be a lefe molato. 31 Balekane ba hae ba bohlanka, ha ba bona ho entsweng, ba swaba haholo, mme ba ya bolella morena wa bona tshohle tse etsahetseng. 32 Yaba morena wa hae o mo laetsa are ho yena: Mohlanka ya lonya, kene ke o lebaletse molato ohle wa hao, hobane o ne o nthapetse. 33 Ana e ne e se tshwanelo ya hao le wena ho hauhela molekane wa hao wa bohlanka jwalo kaha kene ke o hauhetse le wena na? 34 Morena wa hae a ba bohale, mme a mo nehela bahlokofatsi, hore abe a lefe molato ohle wa hae. 35 Le tla etswa jwalo ke Ntate ya mahodimong, ha emong le e mong wa lona a sa tshwarele ngwanabo ditlolo ka pelo ya hae yohle.

PapisoKgutsa metsotswana e 2 ho isa ho e 3 ho nahanisisa temana ena.Jwale nahana… Borabi kapa baruti ba ne ba fane ka thuto e reng batho ba tlameha ho tshwarela bao ba ba sitetsweng ha raro. Petrose, nakong eo a neng a leka hoba motho ya lokileng, o ile a botsa Morena Jesu hore na ebe makgehlo a supileng ona a jwang ho ka tshwarela motho, e leng yona palo e nepahetseng. “Eseng ha supa, empa mashome a supileng ha supa”, ha bua Morena Jesu, a sisinya makgehlo a sa feleng! Temana ena, ka moya o halalelang e bontsha boitelo ba Kreste ba ho tshwarela dibe tshohle, mme ke yona tsela eo re tlameyang ho e latela eo. Pale ( ya nnete) Ketsahalo e ka hara phaphosi ya lekgotleng la dinyewe la Nnete le Poelana mane Afrika Borwa . Leka ho kwala mahlo o tle o tsebe ho tshwantshanya se

etsahetseng. Mosadi wa mothomotsho ya neng a tetebetse maikutlo, ya ka bang dilemo tse 70, o ne a mametse bopaki bo kgahlanong le Van Der Broek dihora tse ngata, Van Der Broek ke monna wa mosweu wa leponesa la tshireletso. Monna enwa o ne a thunye mora mosadi enwa a mo atametse, a ntano mo tjhesa nakong eo a neng a ithabisa le basebetsi mmoho le yena. Dikgwedi ka mora moo o ile a kwalla monna wa mosadi enwa. Dilemo tse pedi ka mora moo, o ile a lata mosadi enwa ho tla tla bona ha ba tjhesa setopo sa hae se neng se shapuwe hampe. O ile a ultwa mantswe a monna wa hae a ho qetela pele a shwa: “Morena o ba tshwarele…” Ka mora hore a mamele boipolelo ba Van Der Broek, setho sa Komeshene ya Nnete le Poelano se ile sa sheba ka lehlakoreng la hae, yaba se botsa sere: “Jwale ebe o batla eng? Ebe ke toka efe e ka etswang monneng enwa ya o senyeditseng lelapa ka sehloho ha kana. “Ke batla dintho tse pedi” ke mosadimoholo eo, a ikokobeditse, empa a na le boitshepo. “Ntho ya pele, ke batla ho iswa moo monna wa ka a ileng a tjhesetswa teng, hore ke phuthe lerwelenyana le moo, ke tle ke tsebe ho pata masalla a hae ka seriti”. Taba ya bobedi, “mohatsaka le moraka e ne ele bona feela lelapa laka. Ke batla hore monghadi Van Der Broek ebe moraka. Nka rata ha a ka etela motsaneng weso habedi kgweding hore a hlole letsatsi le nna, hore ke tle ke tsebe ho mo neya lerato le ntseng le salletse ho nna”. “Taba ya boraro, e leng yona ya ho qetela, eo ebileng e leng takatso ka mohatsaka. Ke labalabela ho tlamopurela monghadi Van Der Broek ka diatla, ke mo tiise, e le ha ke mo tsibisa feela hore o feela a tshwaretswe”. Nakong eo basebeletsi ba lekgotleng la dinyewe ba neng ba tla ho etella mosadimoholo pele hotswa ka phaphosing, monghadi Van Der Broek, ka ha a ne a sa kgolwe seo a se utlwileng, o ile a idibala. Ka nako eo, bohle ba neng ba le ka lekgotleng, meloko, metswalle, baahisane le mahlasipa ohle a dilemo tse fetang leshome ba hatelletswe, ebile le toka e le siyo, ba ile ba qalella ho binela tlase sefela se reng “Amasing grace, how sweet the sound, that saved a wretch like me…” Dipotso ya dipuisano1.Tshwarelano ke eng? Ho leballa feela? Hlalosa ka bokgutswanyane. 2. Ipehe maemong a mosadimoholo enwa. Ebe o ka be o ikarabetse jwang? Ke ka tsela efe eo o kareng ka yona mosadimoholo enwa o ne a latela dithuto tsa Morena Jesu? Bapisa ditemana tsena 32-35. Ebe o bapisa le mantswe areng: “Batho ba sa kgoneng ho tshwarela ba nyela sediba se ba tlamehang ho fumana metsi ho sona”. Na ebe sena se o thusa kapa hona ho fana ka phepetso efe ho wean haholo jwang ha eba o kile wa kgupiswa? 3. Na ebe thuto ena ya Morena Jesu le pale ena di re kgothatsa ka tsela dife kapa hona hore kgalema, hore matlafatsa kapa hona hore lokisa jwang? Fana ka mehlala hotswa bophelong bo o bophelang.

Thapelo e kwalang tshebeletso

Bapisa Johanne 1:8-10. Bokgoni ba rona ba ho tshwarela bo hlaha botebong bo tibileng ba boiphihlelo ba Kreste ba ho tshwarela. Arolelana ka bokgutshwanayane

mmoho le sehlopha sa hao ka mefuta ya dithapelo (kapa ditlhoko tse ka hlohleletsang thapelo) – e ka ba thapelo e mabapi le ho amohela tshwarelo ya Kreste, kapa ho

tshwarelana. Rapella emong le emong thapelo e kgutswane hanghang ha ba qeta ho arolelana ka maiphihlello a bona.

Mokotaba: Ho fodisaJohanne 5:1-9

_____________________________________________________________

Thapelo e bulang tshebeletsoMorena Jesu, ke wena ya re fodisang, ebile o pholoso ya rona. O tsamaya hara rona ka

kutlwelo bohloko, mme lerato la hoa ho rona le entse hore o bone kamoo re utlwisitsweng bohloko, le kamoo re seng re sa kgone ho ka ithusa kateng. Re nehe

metsi a hao a bophelo re new, hore re tle re phele ka ho sa feleng. Papiso le Pale Bekeng ena re nahana ka bohlokwa ba ho fola maphelong a rona, mahaeng a rona mmoho le ditjhabeng tsa bo rona. Dipetlele di se di hlolela ke palo e phahameng ya bakudi le mela e meteleele ya batho ba emeng letshehare lohle, ba nyorilwe ebile ba lapile. Anthony de Mello o bua ka pale ya batho ba neng ba palame seketswana sa maiketsetso, ba tloha lebopong la Brazil, mme ba nyorilwe haholo. Bane ba sa tsebe hore metsi ao ba tsamayang hodima ona ke metsi a ka nwehang. Naka e matla e ne e phallela nokaneng ka matla a maholo hoo e ileng ya etsa hore hobe le metsi a ka nwehang dimaele tse pedi ho tloha moo baneng ba le teng. Hangata ho itlwaetsa ho itseng, ho re thibela ho sebedisa dikelello tsa rona, mme ebe re lahlehelwa ke menyetla e mengata. Re qeta nako e ngata re dutse lefifing, re ipoleletse hore re batla ho bona hore Modimo o tla re etsetsa eng. Johanne 5:1-9:

1 Kamora tseo, mokete o mong wa Bajuda wa eba teng; mme Jesu a nyolohela Jerusalema. 2 Letsha le teetsweng hare ke mekgoro e mehlano le ne le le teng Jerusalema monyakong wa dinku, le bitswang Bethesda ka Seheberu. 3 Ho ne ho sekame ho yona bongata bo boholo ba batho ba kulang, difofu, le dihlotsa le ba omeletseng ditho [ba neng ba ntse ba emetse phuduo ya metsi. 4 Hobane lengeloi le ne le ye le tsohelle letsheng ka mehla e meng, le fudue metsi, mme ya neng a kena letsheng pele, hobane metsi a fuduwe, o ne a fodiswa, leha a ne a kula ke lefu lefe le lefe]. 5 Monna e mong o ne a le teng moo, ya kutseng ka dilemo tse mashome a mararo a metso e robileng meno e le mmedi. 6 Jesu ha a mmona a sekame, mme a tseba hobane e se e le nako e telele a kula, are ho yena: Na o rata ho fola na? 7 Ya kulang a mo araba, are: Morena, ha ke na motho ya nkenyang letsheng, ha metsi a sa tswa fuduwa; ke re ke sa tla teng, e mong a theohele pele ho nna. 8 Jesu are ho yena: Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye. 9 Monna eo a hla o fola hang, a nka diphate tsa hae, a tsamaya.

Dipotso tsa dipuisano1. Ebe pale ena e hlahang ho Johanne e re bolella eng ka Jesu jwalo ka mophekodi? 2. “Na o rata ho fola na?” Ena ke potso e makatsang ha e botswa motho ya emetseng pheko dilemo tse 38. Na o araba Morena Jesu kapa o qosa maemo ao aleng ho ona? 3. Na ebe ke eng seo Jesu a ka se buang mme se tsamaelana le maemo ao o leng ho ona kajeno? Na ofela o batla ho fola? 4. Na o bona monna ya letsheng, ya letileng sebaka, o se a tametse. Feela o sale hole le

ho ka fola. Jesu o nka tsohle ho di tlisa tlasa taolo ya hae, ho motshosa feela:“Ema, nka diphate tsa hao, o tsamaye!” Ke ka tsela efeng eo no batlang ho tshoswa ke diketson tsa Morena Jesu? 5. Na ona le pale eo o ka buang ka yona mabapi le ho emela ho thuswa sepetleleng \ tleleniking ya haeno? 6. Ebe baetapele ba ka ba batho ba fodisang jwang?

Thapelo e kwalang tshebeletso

Moren Jesu, Mora Modim rona la ho fallela kgotsong,

a o, o tsamaya le rona leetong la bophelong bo botle o ntse ore hopotsa ka mehla hore ka ntle le wena re keke ra etsa letho. Hare ya re lebile bekeng ya mafelo a Paseka, re nehe moya wa tjheseho, mme ore thuse ka matla a ho ema, re iphuthaphuthe, re kene bophelong bo botjha. Amen

Mokotaba: Toka

__________________________ _________________________ Mekia 6:8 __________

Thapelo Modimo o phahameng, o tlileng hore kgahlantsha ka tsela tse ngata, le ha eka o ipatile o

i l

h

ikea 6:8:

ponahatsa kamehla maphelong a rona. Re nehe mahlo a hore re bone, le dipelo tsa hore reemohe hore o teng ho ya ka matshwao ao o iponahatsang ka ona hore o teng. Re nehe maoto

le matsoho a nang le thahasello hore re tle re fepe bafutsana, re hlokomele ba kulang, ba lokang mahae le ba lahehileng. Re nehe moya wa tjheseho hore re be barongwa ba hao ba

toka ditjhabeng tsa bo rona hore borena ba hao bo tle botle lefatsheng. Amen.

M motho, o tsebisitswe se leng molemo, le seo Jehova a se batlang ho wena, ke hore o

apiso

8 wenaetse se lokileng, o rate bokgabane, le hore o etse se lokileng, o rate bokgabane, le ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao.

P Ke dimokotaba tse pedi tse ka sehlohong, tse hlahellang Bibeleng: lerato le toka. Lerato ntle ho toka, letshwana feela le ho nkeha, ho sena lerato la nnete. Ka lehlakoreng le leng, toka le ho lerato e tshwana le ho kenya tshebetsong melao ntle le ho nahanela batho. Di mmalwa dikarolo Bibeleng tse bonolo ebile di hlakile ho boleleng hore, ho dumela ho Modimo ka dipelo tsa rona tsohle, mehopolo le moya ho bolela eng, mme dikarolo tsena di qaqile le ho feta karolwana e na e re shebaneng le yona. Ditemaneng tse fetileng ho hlakisitswe hore Modimo ha a batle dinyehelo tsa maemo (temaneng ya 6 le 7). Mekia 6:8 ke kgutsufatso e bonolo ebile e hlakile hore hantlentle Modimo o hloka eng ho bohle ba ipolelang hore ba dumela ho ona. Karolo ena ya Bibele e etsa sena ka ditsela tsa semolao, maitshwaro le tumellano. Ditaba tsa temana ena di tsamaelana le tsa pale e ka tlase, pale e buang ka tshotleho ya batho ebang tsamaiso e ba okametseng e sena toka. Pale ena, e boetse e bua ka botle ba hoba le lerato ho moahisane wa hao nakong tsa mahlomola. Pale

i le Luyiso ba ile ba tloha motseng wa bona o pela East London ho

la

o

ora

lokomela

Thembya batla mosebetsi Motse Kapa maqalong a dilemo tsa bo mashome a robedi. Tshosometso ya hore ba etse sena, ene ele ka lebaka la ho kwaha difektri tulong ya bona, mmoho le tjheseho ya ho ruta moradi wa bona, Sophie. Ba ile ba ikahela mokhukhunyana empa o sireletsehileqetellong ya Nyanga. Thembi yena o ile a fumana mosebetsi wa ho ba mothuwi wa lapeng matlong a ka borwa ba Kapa. Loyiso yena ene e le makatane fektring enngwe Bellville, o sebeditse moo ho fihlela lefu le mkgahlantsha ka 1998. Sophie o ne a kene sekolo, ka ha a ne a tseba dipalo hahaolo, o ile a fumana mosebetsi Shoprite e haufinyana, ka mho qeta sehlopha sa borobedi. Ka selemo sa 2002 Sophie e ile a fokotseha haholo mmeleng, ebile a se a sena thahasello ya letho.Qetellong o ile a kula haholo hofihlela lefu la lefuba le mo tlosa lefatsheng le ka kwano ka selemo sa 2003. Ha jwale Thembi o h

bana ba Sophie ba babedi, mme o dula mmoho le Anna le moradi wa hae Rosie, mokhukhung wa hae. Thembi le Anna ba kena kereke mmoho. Setswalle sa bona se tiisitswe

ile

eng.

a fumana thuso ho hlaha ofising ya dikeletso e leng Black Sash. Ba se

aho

o

ipotso tsa dipuisano

ke hobane mmhoho ba binela khwaere. Anna one a hlalwe lenyalong la hae le neng le tletse tshotlo le nkileng dilemo tse 12. Ka mora tlhalo o nnile a tswella a dula ntlong ya hae e nyane mmhoho le Rosie, empa o a tlameha ho tswa ho yona hobane a ile a hloleha ho fumana tjhelete ya sapoto, eo a lekileng ka makgehlo a magata ho e thola. Eitse ha Thembi autlwela ka bothata ba Anna, o ile a mo fa bodulo mokhukhung wa hae hanghang. Basadi bana ba babedi bane ba arolelana tsohle tse ba nangle tsona, le mahlomola a bona a ne a sa ba kgathatse ha kalo. Ba ne ba ahile phaphosi ya katoloso mokhukhung wa bona, eo yona e neng e ele tulo e bolokesehileng bakeng sa mahlasipa a tshotlako malapeng. “ke yatseba hore ho jwang ho hloka, empa o tlameha ho baleha”. Ke Anna eo. “Ebe re ka se ba thuse jwang?” Ke Thembi le Anna ba batlanang le bodulo bo betere bakeng la bafutsana, tlhokomelo ya basadi ba hlekefeditseng le tjhelete ya sapoto bakeng sa bomme ba hladuw Bba bile ba iqalletse sehlopha kerekeng ya bona, mo ho mamelwang basadi ba hlekefeditseng, ba ya kgothatswa le hona ho sireletswa. “Htoka ha re tla ho bafutsana”. Ho bolela Thembi. Empa le ha hole jwalo re arolelana le bona seo re nang le sona, mme ebile re ruta ba bang ho tseba ditokelo tsa bona. Ho re nka nako, empa re keke ra inehela. Mohlomong ke tla fumana ntlo yaka e ntjha selemong se tlang. Ke tshepetse ho Modimo, hobane Modimo wa hlokomela ebile o hloile hhloka toka. Ke ya motshepa. D 1. Ke ho hloka toka hofeng ho Thembi le Anna ba iphitlheletseng bona maphelong a bona? Shebisisa hore na ho hloka toka hona ho tsamaelana jwang le tsamaiso e hlokang toka. 2.Temaneng ena Modimo o kopa dintho tse tharo ho tswa ho rona. Ke dife? Hare qale ka taelo ereng “ ho tsamaya ka boikokobetso le Modimo wa hao”. Ke ka dinako dife tshohle tse mo o fumanang ho le boima ho ikokobetsa? Ke eng se o thibelang hore o ikokobetse? Hlalosa hore na ho amohela nnete e reng, “ke nang le tsona le tsohle tse ke leng tsona, ke ka mohau o tswang ho Modimo, mme hona, ho nthusa hore ke tsamaye ka boikokobetso”. Temaneng ena re bolellwa ho “etsa toka”. Ebe ho etsa toka ho fapana kae le ho dumela hore toka eya hlokeha? Neha emong le emong sehlopheng sa hao ho nahana ka hore ba ka “etsa toka” jwang setjhabeng sa bona matsatsing ana aka jeno. Ebe le arolelana maikutlo hore na ke ditsela dife tse ka tsona ho ka kgothaletswang toka. Ke hobaneng botho bole bohlokwa ha ho etswa toka? E be toka e ka ba jwang ntle ho botho? “Ho loka” ke lentswe la kgale le neng le hlalosa hore motho o lokile ka tlhaho. Ho loka le ho loka ka tlhaho ho bolela ho hlokemela hantle le ka ho tshepa. Hao nahana ebe ke

diketso dife tse o nahang hore ke tsa toka. 3.Sheba pale ya Thembi le Anna hape, mme oe bapise le Mekia 6:8. Re ka ithuta eng hotswa ho bona? Na wa hlokemela hore ha baka ba inehela hore e be mahlasipa a ho hloka toka, empa ba ile ba tshwarana ka matshoho ba hlola ho hloka toka hona. Thembi are: “ Modimo o hloile ho hloka toka”. Modimo ore toka e etswe. Sheba Pesaleme 82: 3-4, Matheu 23: 23-26. James 2:14-17.

Thapelo ya ho kwala tshebeletso

Modimo wa lerato, Modi ona di tswa letsohong la

mo wa toka, tsohle tse renang le tshao. Ha thato ya hao e etswe lefatsheng jwalo ka ha e etswa lehodimong.

Mokotaba: Lerato Mareka 12:28-34

__________________________ ________________________ _____________________Thapelo

Ke o rata kajeno, Modimo, Ke o ratela sohle se o leng sona honna, tshohle tse oleng tsona ka nna, tsohle tse o

dietsang jwalo ka nna. Ke lemoha hore mohau wa hau ke ona matla aka.

Ke rata kutlwisiso ya hore nnete ya hao ke matla aka, jwalo ka o nna.

Ke hlokomela h wena o nthata

Pale

oshanayana o ile a rongwa lebenkeleng ke mmae, ho ya reka borotho, moshanyana enwa o ile a ya nako e teleele haholo. Ha a kgutla

. “Tjhe

ha ele mona ke elellwa le ho rorisa se o leng sona hore ke ya o rata kajeno Modimo, ke lebohela le hore le

feela jwalo. Amen.

Mempa mmae o ile a mmotsa are: “O ntse o le kae? Ke ne ke kgathatsehile ka wena”. Moshanyana o ile a araba ka hore: “ Ho ne ho le teng moshanyana e mong ka thoko ho mmila, ya neng a robehetswe ke baesekele, mme one a lla. Ke ile ka ema hore ke mothuse”. “Ke ne ke sa tsebe hore o tseba ho lokisa dibaesekele,” ke mmae eoha ke tsebe, ke ne ke mpa ke dutse moo, mme ke lla le yena”. Ke moshanayana eo. Mareka 12:28-34:

28 E mong wa bangodi, ya ba utlwileng ha ba arabana, ha a bona hobane o ba arabile hantle, a

29 mo atamela, a mmotsa, are: Molao wa pele ho melao yohle ke ofe

o

.

Papis

na? Jesu a mo araba are: Molao wa pele ho melao yohle ke oreng: Utlwa Iseraele, Morena Modimo wa rona, ke Morena a nnothsi, 30 mme o rate Morena Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le moya wa hao ohle, le ka kgopolo ya hao yohle, le ka matla a hao ohle, ke ona molao wa pele. 31 Mme wa bobedi o tshwanang le ona ke oreng: Rata wa heno jwalo ka ha o ithata. Ha ho molao o moholo ho feta yona eo. 32 Mongodi are ho yena: Ke hantle, moruti o boletse nneteha ore: Modimo o mong, mme ha ho o mong haese ona; 33 mme ho o rata ka pelyohle, le ka kgopolo yohle le ka moya ohle, le ka matla ohle, leho rata wa habo motho jwalo ka ha motho a ithata, ho fetisa ditjheso le mahlabelo ohle. 34 Jesu, ha a mmona hoba o arabile ka kelello, a re ho yena: Ha o hole le mmuso wa ModimoMme ha ho a ka ha hlola ho eba motho ya betang pelo ho mmotsa.

o Jesu o mahareng a dingangisano dikahelong tsa Tempele. Ena ke enngwe ya dipotso tseo a ileng a di botswa. E mong wa barutang Molao o ile a ikatametsa mme a botsa potso: “Ke taelo efeng e kgolo ho ditaelo tse leshome”? Borabi ba ne ba se ba ikopanyeditse Melao yohle, mme ba nkile qeto ya hore Modimo o fanne ka ditaelo tse 613 hore batho ba dihlomphe. O batla ho tseba hore ditaelong tsena tse 613, ke efeng e bohlokwa.

Karabong ya hae, Jesu, o ile a kopanya ditaelo tse pedi. Ya pele e fumaneha ho Ditronomi 6:4-5, e leng Shema, eo bana ba Baheberu ba e rutwang ho tloha bonyaneng. Le ha hole jwalo Jesu o kenyeletsa taelo ya bobedi e hlahang ho Levitike19:18, ebe o qetella ka hore: “Haho taelo e bohlokwa ho feta tsena”. Re koptjwa ho rata, mme re tate ntle le kgethollo, re rate Modimo mme ebile re tate ya ahisaneng le rona. Karabong ya hae Jesu o sebedisa lentswe “bohle” le “matla”. O hatella haholo hore lerato la Modimo le tlameha hoba le felletseng ka botlalo. Lerato la Modimo le etseditswe ho potapota ntlha e nngwe le e nngwe, matla ohle, hantlentle ntho e nngwe le e nngwe eo eleng ya rona. “Tshohle” e akaretsa tshohle. Ebe Jesu o teya mohlala wa ho rata Modimo – lerato le o ratang ya ahisaneng le wena ka lona. Dipotso tsa dipuisano 1.Re bona lerato la Modimo kae? 2.Le utlwahala jwalo ka eng? 3.Le iponahatsa jwang? 4.Ke hobaneng ka dinako tse ding ho eba boima ho rata Modimo? 5. Ebe o bontsha jwang lerato ho ya ahisaneng le wena?

Thapelo e kwalang tshebeletso Modimo ya tletseng mosa,

O re rutile ka mora wa hao, hore lerato ke lona le etsang hore Molao o felle ka botlalo.

Etsa hor tsohle, le baahisane ba rona re ba rate jwalo ka ha re ithata.

e re o rate ka dipelo tsa rona

Ka Jesu Kreste Morena wa rona. Amen.

Mokotaba: Kgotso1 Petrose 3: 10-12

_____________________ ________________________________________

ThapeloMmopi, moetsi wa tshohle tse ntle. Re o leboha ha o tshepisitse ho tlisa kgotso ho bao o

ba bopileng setshwantshong sa hao. Re thuse hore re dule re hopola kamehla hore Kreste o shwetse bohle, mme ore kgon lompha kopano e ntle ya batho bohle

Pale

atjha ba bararo ba ile ba mengwa kampong ya batjha nakong ya atsatsi a phomolo. E mong e ne e le Mojuta, e mong e le Moisilamo,

mong e le Mokreste. Ha ba fihla kampong ba ile ba kopana le

e di

e ke

ona o

so; 11 a kgelohe bobe, mme a etse ho molemo, a

tshe ho hho sa kgathalatsehe maemo a rona. O re behile lefatsheng mona hore re phedisaneng

ka kgotso, re thuse ho bontsha bolerato ba Jesu. Amen.

Bmmme ebatjha ba bang ba hlahang dikarolong tse ding tsa lefatshe. Ba ile bakopjwa ho ikarola ka dihlotshwana hore ba buisane ka lentswe lena ‘kgotso’. Dipuisano tsa dihlotshwana tsena di ne di hlile di tjhesa ebiltibisa maikutlo, mme bahlophisi ba mosebetsi ba neng ba hlile ba le malala a laotswe bakeng sa maikutlo a fapaneng, ba ne ba thabisitswkamoo dipuisano tsena di phahamisitseng maikutlo a batjha bana ka teng. Maikutlo a ba bang ba bona ene e le areng taba ya kgotso e tlameha ho phenyokollwa ho feta mona, hobane lentswe lena le bolela dintho tse fapaneng. 1 Petorse 3:10-12 10 Hobane ya lakatsang ho rata ho phela le ho bmatsatsi a monate, e ka kgona a kganne leleme la hae bobeng, le melomya hae puong tsa thetbatle kgotso, a e phehelle. 12 Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe. Papiso“Ba tlohele ba batle kgotso, mme ba e latellisise”.Kgotso ha se feela ho ba siyo ha ntwa, kgotso ke ha o tseba hore o ya sebetsa, o kgola tjhelete ya ho fepa lelapa la hao kapa hona ho lefella dipidisi tse hlokwang ke kgaitsedi ya hao e tshwaeditsweng ke HIV. A mang a maikemisetso a 8 a ntshetshopele meleniamong (8 Millennium Development Goals) ke ho fedisa bofuma le tlala, mme re ka qala pele ka ho ipotsa hore ke hobaneng bofutsana le tlala di le teng. Bofuma le tlala di teng hobane hona le leeme phanong ya disebediswa pakeng tsa batho ba Modimo. Ka disebediswa re bolela, ho fihlella thuto, ditshebeletso tsa bophelo bo botle ho kenyeleditse le menyetla e lekanang bakeng sa bohle – banna le basadi. Ebang batho ba sa tshwarwe ka ho lekana, setjhaba se tla ipotsa hore ke hobaneng, mme ho ipotsa hona ha sona ho tlatla ka mokgwa wa ntwa, mme kgotso ena e re e labalabelang e tla ba puo ya molomo feela.

Shalom, kapa kgotso ena eo ho buwang ka yona mona, ke kgotso eo rona jwalo ka Bakreste re tlamehang ho qala pele ka ho e labalabela, ebe re ba le tjheseho ya ho e latella. Maemo a setjhaba sa rona a hona jwale le lefatsheka kakaretso ke bopaki ba hore hahona kgotso, hobane re lwanela ho phonyoha. Mebuso e hlasela le hona ho bolaya batho bakeng la matla a maruo le tswelopele. Ke bao ba fihlellang dithsebeletso feela ba tla nahanang hore lefatshe le na le kgotso. Dipotso tsa dipuisano 1. Ntsha maikutlo a hao hore na ho ya ka wena le baahi ba heno kgotso ke ntho e jwang? 2. Na o nahana hore ho batla kgotso ke mosebetsi wa batho ba itseng feela? Jwalo ka mmuso, mekgahlo ya baahi kapa kereke? 3. Sengolwa se na le mantswe areng: “Ba tlohele ba batle kgotso, mme ba e latellisise”. Ebe ho ya ka kutlwisiso ya hao o ka batla kgotso ka tsela efe? 4. Kgotso eo Morena Jesu a rerang ka yona ke kgotso e nang le ditlamorao tse ntle bakeng sa emong le emong ya kenyang letsoho ho e batleng. Lefatsheng lena leo re tlamehang ho hlodisanela tsohle, o ka tshehetsa kgotso jwang hore bohle ba utlwe hore lentswe la bona le ya utlwahala? 5. Jesu o ile a tlameha ho tlola melao ya nakong tsa hae hobane a ne a latela dithero tsa hae, mme ka tsela eo o ile a eba le dira tse ngata. Hoya ka maikutlo a hao, na ho batlana le kgotso e ka ba mosebetsi o kgutsitseng? 6. Ha re kgutlela paleng ya rona ya kampong, na o nahana hore batjha bana ba bararo bane ba ka kgona ho phedisana hantle le ha ele ba ditumelo tsa fapaneng, ebang ba latelletse ho fumana kgotso?

Thapelo e kwalang tshebeletso

Modimo o matla ohle, re hlohonolofaditswe ha re kgona ho arolelana lerato, ho fodisa le maikemisetso a kgotso a mora wa hao Jesu Kreste.

H .

re , le hona hoba leng kgotso.

a moya wa hao ore etse bohlaleHa moya wa hao ore ntjhafatse, mme ore etse matla.

Hore re tle re be matla tumelong,

re be le kutlwisiso hare paka ka lebitso la hao, kgothale bopaking peloteleele ho bat

Amen.