tekolobotjha ya modulasetulo - mintek | welcome to mintek - … · 2016-10-06 · lebitsong la...

10
TEKOLOBOTJHA YA MODULASETULO MAEMO A KGWEBO A SETHEO SA MERAFO A TSWELA PELE ka ho bontsha mesebetsi e fokotsehileng ya ntshetsopele le phuputso ya diporojeke. Sena se baka mesebetsi e fokotsehileng haholo ya diporojeke tse ntjha tsa motheo. Lekgotla le botsamaisi, sebokeng sa bona se kopanetsweng sa mawa, le ile la noha maemo ana mme hamorao la fetola lewa la mokgatlo hore le tshehetse dintlafatso tsa jwale tsa mesebetsi ya merafo bakeng sa hore ho ntlafatswe dithekenoloji tse tobileng diporojeke tse ntjha. Ho dieha ha setheo ho lebelletswe hore ho fihle tlasetlase ha 2015 e se e tla fela mme ho tla ba le keketseho ya matsete, diphuputso le ntshetsopele ya diporojeke ho tloha ka 2017 ho ya pele. Botsamaisi bo tla boloka le ho ntshetsa pele bokgoni ba ho sebetsana le ntlafalo ena e lebelletsweng mme hape bo tla tswela pele ka ntshetsopele ya thekenoloji ya mawa le ya nako e telele molemong wa menyetla e metjha ya mehlodi e kang Bushveld taniferous magnete, mashala/yureniyamo ya Springbok Flats, yureniyamo ya Karoo le Rare Earth. Ho fetoha ha lewa hape ho ile ha toba diphuputso tse lefellwang ke mmuso le tse kopanelwang. Ka lebaka lena, ke utlwa ke thabile ho beha hore Mintek e sebeditse hantle selemong sa 2014/15, mme e fumane molemo wa dithekenoloji le ditshebeletso tse tswelang pele ka ho hlahisa lekeno nako e telele kamora hoba di hlahiswe. Ho feta moo, ditekanyo tsa phokotso ya theko le ntlafatso ya bokgoni tse phethahaditsweng ke botsamaisi di kentse letsoho mosebetsing o ntlafetseng ho feta kamoo ho neng ho lebelletswe. Lekgotla, nakong ya lona ya ho rala mawa, le kopile botsamaisi hore bo dule bo ntse bo toboketsa jwalo ho dihlopha tse neng di nngwe menyetla hara basebeletsi ba mokgatlo. Ka nako tsohle ke ne ke dumela hore matsete ao e leng a bohlokwa ka ho fesisa ao mokgatlo o lokelang ho a etsa ke ho basebeletsi ba ona, haholoholo ba neng ba nngwe menyetla nakong e feleng. Indaseteri ya dimenerale e batla e tlallwa ke seabo sa basadi mesebetsing ya merafo le diporojeke tsa mesebetsi ya tshepe ekasitana le maemong a botsamaisi. Mintek hape e ikemiseditse ho ntlafatsa maemo a yona a jwale a boemedi ba basadi hoo bo tla batlang bo lekana le dipalopalo tsa provense ya Gauteng, moo Mintek e hahileng teng. Morero wa nako e bohareng ke ho fihlella boemedi ba 45% pele nako ya MTEF e fela. Ka lebaka lena, ke thabile hore e le la pele nakong ya bophelo ba Mintek, mokgatlo o tla tshehetsa Seboka sa “Women-in- 14 TSHEBETSO YA MAWA |

Upload: others

Post on 02-Aug-2020

9 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

Page 1: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

TekoloboTjha ya ModulaseTulo

MaeMo a kgwebo a setheo sa Merafo a tswela pele ka ho bontsha mesebetsi e fokotsehileng ya ntshetsopele le phuputso ya diporojeke. sena se baka mesebetsi e fokotsehileng haholo ya diporojeke tse ntjha tsa motheo. lekgotla le botsamaisi, sebokeng sa bona se kopanetsweng sa mawa, le ile la noha maemo ana mme hamorao la fetola lewa la mokgatlo hore le tshehetse dintlafatso tsa jwale tsa mesebetsi ya merafo bakeng sa hore ho ntlafatswe dithekenoloji tse tobileng diporojeke tse ntjha. Ho dieha ha setheo ho lebelletswe hore ho fihle tlasetlase ha 2015 e se e tla fela mme ho tla ba le keketseho ya matsete, diphuputso le ntshetsopele ya diporojeke ho tloha ka 2017 ho ya pele. botsamaisi bo tla boloka le ho ntshetsa pele bokgoni ba ho sebetsana le ntlafalo ena e lebelletsweng mme hape bo tla tswela pele ka ntshetsopele ya thekenoloji ya mawa le ya nako e telele molemong wa menyetla e metjha ya mehlodi e kang Bushveld titaniferous magnetite, mashala/yureniyamo ya Springbok Flats, yureniyamo ya karoo le rare earth.

ho fetoha ha lewa hape ho ile ha toba diphuputso tse lefellwang ke

mmuso le tse kopanelwang. ka lebaka lena, ke utlwa ke thabile ho

beha hore Mintek e sebeditse hantle selemong sa 2014/15, mme

e fumane molemo wa dithekenoloji le ditshebeletso tse tswelang

pele ka ho hlahisa lekeno nako e telele kamora hoba di hlahiswe.

ho feta moo, ditekanyo tsa phokotso ya theko le ntlafatso ya

bokgoni tse phethahaditsweng ke botsamaisi di kentse

letsoho mosebetsing o ntlafetseng ho feta kamoo ho neng ho

lebelletswe.

lekgotla, nakong ya lona ya ho rala mawa, le kopile

botsamaisi hore bo dule bo ntse bo toboketsa jwalo

ho dihlopha tse neng di tinngwe menyetla hara

basebeletsi ba mokgatlo. ka nako tsohle ke ne ke

dumela hore matsete ao e leng a bohlokwa ka

ho fetisisa ao mokgatlo o lokelang ho a etsa ke

ho basebeletsi ba ona, haholoholo ba neng ba

tinngwe menyetla nakong e fetileng. Indaseteri

ya dimenerale e batla e tlallwa ke seabo sa

basadi mesebetsing ya merafo le diporojeke tsa

mesebetsi ya tshepe ekasitana le maemong a

botsamaisi.

Mintek hape e ikemiseditse ho ntlafatsa maemo a

yona a jwale a boemedi ba basadi hoo bo tla batlang

bo lekana le dipalopalo tsa provense ya gauteng, moo

Mintek e hahileng teng. Morero wa nako e bohareng

ke ho fihlella boemedi ba 45% pele nako ya MTEF e fela. Ka

lebaka lena, ke thabile hore e le la pele nakong ya bophelo

ba Mintek, mokgatlo o tla tshehetsa seboka sa “women-in-

14

tshebetso ya Mawa

|

Page 2: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

15tlaleho e kopaneng ya selemo ya mintek 2015 |

Mintek” e le bo bong ba maiteko a mangata a bohlokwa

ao mokgatlo o tla a latella nakong e kgutshwanyane le e

bohareng ho matlafatsa boemedi ba basadi. sebokeng

sena basadi ba lebelletswe ho hlahisa dintlha tse sitisang

tswelopele ya bona ya ho fihlella boemong bo phahameng

ba setheo. ke na le tshepo ya hore maemo ka hara Mintek

a tla kgothaletsa hore basadi ba matlafale mme ba etelle

pele tjheseho ya ho ba moetapele lefatsheng sebakeng

sa boiqapelo hlakoreng la dimenerale le mesebetsi ya

tshepe. basadi ba boemo bo phahameng Mintek ba fuwe

phepetso ya hore ba tataise diprofeshenale tse sa ntseng

di hola hore di fihlelle boemo bo ntlafetseng boo di

kgonang ho bo fihlella Mintek.

Nakong ya selemo sa ditjhelete sa 2014/15 Mintek e

fihlelletse mokolokotwane o bohlokwa dilemong tsa

bophelo ba yona tse 80. Mokete wa selemo sa 80 o ile

wa kopana le mokete wa demokerasi wa selemo sa 20

mona afrika borwa mme ke lakatsa ho leboha bohle ba

ketekileng selemo sa rona sa bo80 le rona ka la 4 Phupu

2014, ka boetapele ba Mohlomphehi Letona Ramatlhodi,

o bileng letsatsi kamora lona la tswalo la Mintek. ke

kgolwa hore mengwahashome e mmedi e tlang e tla

tlisa diphuputso le ntshetsopele e makatsang ka ha

institjushene ena e itetang sefuba ka ho ba ya Afrika

borwa e tla be e kena ngwahaketeng wa diphetoho tsa

thekenoloji tsa boemo bo hodimo lefatsheng.

lebitsong la lekgotla, ke lakatsa ho leboha presidente le

Ceo, Mong. abiel Mngomezulu, le ba moifo wa hae ka

boetapele boo ba nehelaneng ka bona, ekasitana le ho

leboha mosebeletsi e mong le e mong ka seabo sa hae

selemong sena. boikemisetso ba lona le botshepehi ba

lona bo a babatseha, mosebetsi wa lona ke wa boemo bo

phahameng haholo mme sena se tla ba le sekgahla haholo

tataisong ya mosebetsi wa mokgatlo ona dilemong tse

tlang.

bomphato ba ka ba lekgotla ba fana ka nako le bohlale ba

bona ka tsela e phethahetseng, mme ba tiisa hore re dula

re iteletse boikemisetso ba rona ekasitana le ditheo tse re

tataisang. ke ba leboha e le ka nnete bakeng sa bodisa boo

ba bo phethileng mme ke leboha hape ka tsela e ikgethang

mothusi wa ka, Moprofesa francis petersen, ya ileng a

leboha mosebetsi wa lekgotla hore a ntshetse pele seabo

sa hae se setjha sa ho ba Mothusa Motlatsa Mokanselara

wa yunivesithi ya Motse kapa. lebitsong la lekgotla, ke

mo lakaletsa tsohle tse ntle mosebetsing ona o motjha wa

diphepetso le o kgahlisang. ke tshepa ka matla hore ke tla

sebedisana le ba setseng ba lekgotla ha re kena nakong ya

rona ya dilemo tse tharo.

lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha

Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi, letona la

Mehlodi ya Dimenerale le Motlatsa letona la Mehlodi ya

Dimenerale, Mohlomphehi Monghadi godfrey oliphant,

ka tshehetso ya bona ya nako tsohle selemong sena.

ha ke phethela, ke lakatsa ho bontsha hore ena ke tlaleho

ya rona ya pele e kopaneng e kenyeletsang ditatemente

tsa rona tsa selemo sa ditjhelete le tlaleho ya rona ya

ntshetsopele e tshwarellang.

Adv Linda Makatini

Modulasetulo

Page 3: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

Mohlanka e Moholo wa Phethahatso

Boemo Ba jwale Ba moruo wa lefatshe Bo Bontshitse ho fokola ha tlhoko ya thepa ya motheo le ditheko dilemong tsa moraorao, ekasitana le ho fokola ha mesebetsi ya diporojeke, mme ho lebelletswe hore maemo ana a tla tswela pele selemong sa 2015. maemong ana, mintek le yona e bile le ho fokola ho tswellang ha 4.1% ya lekeno la kgwebo ha ho bapiswa le selemo se fetileng, e leng se bontshang bohlokwa ba hore institjute ya saense e be le motswako wa mekgwa e fapaneng ya lekeno e tla tshehetsa ho tswella ha diphuputso tsa nako e telele tsa sebaka se iphetaphetang le sa mmaraka wa diphetoho tse matla. Tikoloho e batlang e kgutsitse ya moruo wa kgwebo e dumelletse Mintek ho sebedisa mehlodi ya yona ho eketsa R&D (e leng Diphuputso le Ntshetsopele), mme sena se beile mintek boemong bo botle ba ho tshehetsa ho ntlafala ha kgwebo ya indaseteri ho lebelletsweng hore ho ka qala ka selemo sa 2017.

ha dikopo tsa bokgoni ba mesebetsi di ntse di eketseha, mintek e tswela pele ka ho arabela seo ka mokgwa o tla etsa hore e tswele pele ka maikemisetso a yona a ho sebeletsa banka seabo sa yona ka ho hodisa boleng ba setheo sa dimenerale, ka thuso ya diphuputso tsa boemo bo phahameng le ntshetsopele ya kabelano ya thekenoloji, e le ho tshehetsa dintlhakgolo tsa naha le kgolo e tshwarellang ya moruo naheng.

Mintek e ile ya tswela pele ho sebedisana le ba bang boikgathatsong ba mefuta e mengata sebakeng sa lefatshe lohle ha e ntse e tswela pele ka ho hodisa mesebetsi ya yona. Diprojeke tse fapaneng tsa tshebedisano di ile tsa thehwa ha Mintek e ne e le yona e amohetseng baeti lefatsheng la Afrika Sebokeng sa pele sa Matjhaba sa Dipuisano tsa Boatjhiteke le Disebediswa tsa dimolekhule tse Kgolo le tsa dimolekhule tse ka Hodimo (ke hore, International Symposium on Macro-and Supra-molecular Architectures and Materials, MAM), mme seboka sena se ne se etetswe ke baromuwa ba matjhaba ba tswang dinaheng tse fapaneng tse fetang 30..

mintek hape e bile le seabo se seholo ha afrika Borwa e ne e amohela baeti sebokeng se tshwarwang nako le nako kamora dilemo tse nne sa mokgatlo wa matjhaba wa tsebo ya Dimenerale (ke hore, International Mineralogical Association, IMA) — e leng IMA2014. Ketsahalo ena e ile ya etelwa ke baromuwa ba fetang 800 ba tswang dinaheng tse 50.

mintek e ile ya ba le boikgathatso bo matla ba ho eketsa seabo sa yona mananeong a matjhaba a diphuputso tse kopanetsweng, haholoholo tsa Kopano ya Yuropa. afrika Borwa, ka kakaretso, le haholoholo mintek, e tumme haholo ka hara EU mme Mintek e nkwa e le molekane wa thatohatsi diprojekeng tsa kopanelo tsa diphuputso. Mintek nakong ya jwale e nka seabo jwalo ka molekane mananeong a mane a kopanelo a diphuputso mme e sebeletsa ho hodisa sekgahla sa tshebedisano ena. hape, mintek e nka seabo projekeng ya kopanelo ya dilemo tse tharo ya jeremane le afrika Borwa, e bitswang “Tsebo ya Dimenerale e Phethahatswang bakeng sa Bokgoni Mehloding mesebetsing ya Dimenerale tsa Polatinamo” (ke hore, “Applied Mineralogy for the Resource Efficiency of Platinum Minerals”).

mintek hape e bona hore tshebedisano le dinaha tse ding tsa afrika e bohlokwa haholo. Bahlanka ba leshome le metso e meraro (13) ba tswang

16

TSHEBETSo YA MAwA

|

Page 4: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

17

0

5 0 ,0 0 0

1 0 0 ,0 0 0

15 0 ,0 0 0

2 0 0 ,0 0 0

2 5 0 ,0 0 0

3 0 0 ,0 0 0

3 5 0 ,0 0 0

4 0 0 ,0 0 0

4 5 0 ,0 0 0

5 0 0 ,0 0 0

2010

Selemo

R0

00

2004 2005 2006 2007 2008 2009 2010 2011 2012 2013 2014 2015

Lekeno lohle (la nnete)

Ditshenyehelo tsohle (tsa nnete)

Mekgwa ya Lekeno, 2004 - 2015

5 0 ,0 0 05

tlaleho e kopaneng ya selemo ya mintek ya 2015 |

dinaheng tsa mokgatlo wa Non-Aligned Movement (NAM) ba ile ba mengwa ho kenela lenaneo la thupello leo morero wa lona e neng e le ho tobana le kgaello ya bokgoni mesebetsing ya boleng ya ho hlahisa dihlahiswa tsa dimenerale dinaheng tseo e leng ditho tsa nam.

Ho feta moo, boromuwa ba Lerona bo tswang Sudan bo ile ba etela mintek e le karolo ya boiteko ba naha eo ba ho sebedisana le afrika Borwa.

Sebakeng sa lehae, tumellano pakeng tsa Mintek le Anglo Platinum ya ho bontsha tshebetso ya boiqapelo ya ho qhibidihisa e sebedisetswang ho fumana nikele seretseng sa tshebetso ka nikele ekasitana le ho sila aloye ya tshepe le nikele e hlahiswang mosebetsing oo, e ile ya fihlellwa mme merero ya thekeniki ya porojeke le yona e ile ya phethahatswa. mintek hape e radile mme ya ba ya aha Motjhini wa ho Bontsha ho Hlwekisa ho Rosa ha Tshepe (ke ho re, Metal Dusting Simulation Rig) mme nakong ya jwale e fana ka ditshebeletso tsa mesebetsi ya aloye e thehilweng ho PGM ho Johnson-Matthey le SAPREF ka ho sebedisa motjhini ona.

lewa le thibelang tshebediso ya dithapo la millstar le etseditswe ho hodisa katleho ya sesebediswa sa tekolo ya sekgutlo ya phaello ya ka tlase ya Cylas Cyclone. Lewa lena le ile la sebedisa molemo wa Cyclas ho thusa ho fokotsa tshebediso ya dithapo. Pontsho e atlehileng ya senetefatsi tsa tekanyo ka setsamaisi sa motlakase e ile ya phethwa ka onto ya indaseteri, ho bolelang hore mintek jwale e ka fana ka thuso ho bahlahisi ba dialoye tsa tshepe mabapi le mawa a bona a ho lekanya pele ba qala ho sebedisa dionto. nakong ya kgale, mathata ana a ne a bonahala feela nakong e fihlang diveke tse pedi kamora hore dionto di qale ho sebetsa, mme sena se bakile tshenyo e kgolo ya ditsamaisi tsa motlakase mme sena se ile sa ja diranta tse dikete tse makgolo a mmalwa tsa tlhahiso e sa etswang.

mintek e phethile ho kenngwa tshebetsong ha floatstar Grade Recovery optimiser (FSGRo) bakeng sa ho laola phetolo ya sebopeho. FSGRo e sebedisa ditekanyo tsa boleng tsa PGM tse fepelwang ke sehlophisi sa seretse se bitswang BlueCube MQi se hlahisitsweng Afrika Borwa mme sena ke phethahatso ya pele ya SGRo ka tshebediso ya BlueCube MQi polanteng ya PGM.

hape mintek e nka seabo se seholo mananeong a naha a bohlokwa a diphuputso, haholoholo a qadilweng ke DST. Mehlala e kenyeletsa Advanced Metals Initiatives (AMI), Ferrous Metal Development Network (FMDN) ekasitana le Lenaneo la Haeterojene le Disele tsa Dibeso (ke hore, Hydrogen and Fuel Cells Programme, HySA).

Dintlhakgolo tsa Ditjhelete

Selemong sena, Mintek e fihlelletse masalla a R17.9-miliyone, e le ntlafatso ya R8.5-miliyone ha ho bapiswa le ditekanyetso tsa R9.4-miliyone,

le keketso e nyenyane ya 0.6% ha ho bapiswa le masalla a ngwahola. Katleho ya ditjhelete ya monongwaha e bile teng ka lebaka la phethahatso ya dipolanta tsa teko tse mmalwa, ditefo tsa dilaesense tsa thekenoloji ekasitana le kabo e nyolositsweng ya mtef. leha ho le jwalo, le hoja ho na le masalla, lekeno la rona lohle la R466.7-miliyone le ne le le ka tlase ho palo e neng e lebelletswe ya bajete ya R541.9-miliyone. lekeno lena le fokotsehileng le bakilwe ke ho fokola ha lekeno la kgwebo leo lona le bakilweng ke ho fokola ha jwale ha setheo sa dimenerale ho lefatshe ka bophara moo khamphani e boneng ho fokola ho hoholo ha tlhoko ya mosebetsi o amang thekenoloji ya dimenerale.

Ho feta moo, re fumane tefo ya tleleime ya inshorense ya R6-miliyone bakeng sa diketsahalo tsa Bay 2 selemong sa ditjhelete sa 2013/14. tefo ena e ne e sa kenngwa ditekanyetsong. jwalo ka ha ho ne ho lebelletswe lekeno la nnete la kotara e fetileng le ne le le haufi le le lebelletsweng ka hobane tshebediso ya kerante ya mmuso e ile ya ntlafala mme ya kgema haholwanyane le boemo bo lekanyeditsweng moo moputso wa kgwebo o ileng wa dula o ntse o le tlase ka lebaka la tlhoko e fokotsehileng mmarakeng. leha ho le jwalo, re lebelletse hore tjhebo ya setheo sa moruo e tla ntlafala selemong sa 2016/17.

Mintek e dula e ntse e le boemong bo matla ba leqephe la botsitso le bontshang matlotlo a fetang r600m le seabo sa matlotlo se ka fetolwang ho ba tjheletetjhelete (kheshe) ya 2:1 ekasitana le phallo e matla ya tjhelete. leha ho le jwalo, se re kgathatsang haholo ke kgolo e fokolang ya lekeno lohle la 5.8% ka selemo ha ho bapiswa le selemo se fetileng, ka ditheko tseo ka kakaretso di ntseng di eketseha ho feta sekgahla sa infoleishene. sena se tla batla hore mintek e lekodisise moralo wa yona wa tjhelete bakeng sa nako e tlang.

Dintlhakgolo tsa thekeniki

Porojeke ya Majwana a Mahakwe ya Kapa Leboya (Northern Cape Gemstone) e thusitsweng ka ditjhelete ke MTEF, eo morero wa yona e leng ho hodisa boleng bo ka fihlellwang ka majwana a mahakwe a fumanwang sebakeng sena se batlang se fumanehile, se tinngweng ntshetsopele, haholoholo menyetla ya mesebetsi, e ile ya kgakola ditsi tse pedi tsa thupello le mesebetsi ya tlhahiso nakong ya selemo.

Page 5: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

18

Sekgahla sa Dinako tsa Diketsahalo tsa Ho se Kgotsofale ha Bareki (ke hore, Client

Satisfaction Frequency Rate, CDFR) sa Mintek se fetotswe ho ba Sekgahla sa Dinako tsa

Diketsahalo tsa Ho Kgotsofala ha Bareki (ke hore, Client Satisfaction Frequency Rate,

CSFR) le thakete e beilweng ho 90%.

|

Setsi sa pele, ka tshebedisano le Boromuwa ba Naha ba Ntshetsopele ya Batjha (ke hore, National Youth Development Agency, NYDA), se ile sa kgakolwa Prieska ha sa bobedi se ile sa kgakolwa upington. setsi sa upington se thehilwe ka tshebedisano le Masepala wa Setereke wa ZF Mgcawu, Masepala wa Lehae wa Khara Hais hammoho le ka tshehetso ya Bolaodi ba Mangolo a Merafong (ke hore, Mining Qualifications Authority, MQA) le Rotary Club ya Upington.

selemong sena, mintek e bile le katleho ntshetsopeleng ya sehlahiswa sa boiqapelo bakeng sa baahi ba mahaeng seo e leng onto e sebedisang mashala jwalo ka mohlodi wa eneji. onto ena e fetiseditswe ho sehlopha sa dibopi tsa letsopa sebakeng sa letebejane masepaleng wa setereke sa Sekhukhune Provenseng ya Limpopo ho thusa ho phahamisa sephetho sa tlhahiso ekasitana le boleng ba dihlahiswa. Mintek e hlahisitse onto ena ya boiqapelo kamora ho fuputsa mehlodi e fapaneng ya eneji bakeng sa bahlahisi ba letsopa ho omisa dihlahiswa tsa bona tse sa omang haholoholo dibakeng tse haellwang ke motlakase.

Ke la pele Mintek e sebetsa ka katleho ka ditone tse 1.2 tsa matlakala a e-waste (diboto tsa motlakase tse senyehileng) e le karolo ya porojeke e thusitsweng ka ditjhelete ke mtef e tobaneng le “Merafo ya Ditoropong” (ke hore. “Urban Mining”) (e leng lebitso leo tshebediso ya lona lefatsheng e ntseng e ata, ho hlalosa tshebetso ya ho fumana tshepe matlakaleng a baahi ba ditoropong). mintek e sebedisana le indaseteri ho hlahisa thekenoloji e tshwanelehileng ya ho sebetsa ka matlakala a ewaste ka sebopeho se fapaneng. mintek e ikemiseditse ho ba “popelo ya kgwebo” (ke hore, “business incubator” ditabeng tsena, ka ho thusa dikgwebo tse qalang mekatong ya pelepele ya ntshetsopele ya dikgwebo tsa tsona.

mintek e laola phethahatso ya lenaneo la tsoseletso ya “merafo e siilweng le e se nang beng” (ke hore, “derelict and ownerless mine”) tlasa konteraka le DMR. Konteraka ena ya dilemo tse tharo, ya boleng ba R165 miliyone, e fihlelletswe pakeng tsa ditho ka la 06 Phupjane 2013. Mintek e phethahaditse diprojeke tse nne selemong sena diprovenseng tsa Kwa-Zulu Natal, Kapa Leboya, Limpopo le Kapa Botjhabela.

thekenoloji e entsweng ke mintek ya saVmintm ya ho sebetsa ka Phallo ya Metsi a nang le Asiti a tswang merafong e na le bokgoni ba ho fedisa ka theko e tlase boteng ba tshepe e boima le salefeiti metsing a phallang a nang le asiti ya merafong. Polante e kgolo ya teko e ile ya phethwa mme jwale e phethahatswa ka tshebedisano le Veolia, e leng e nngwe ya dikhamphani tse kgolohadi lefatsheng tsa tshebetso ka metsi. haeba e ka atleha, thekenoloji ena e tla

batlisiswa hore e kenyeletswe mesebetsing ya tshebetso merafong ya kgauta le ya mashala.

Kaho ya polante ya teko ya Rare Earth Elements (REE) e thusitsweng ka ditjhelete ke MTEF e phethilwe. Sesebediswa sena se tla ntlafatsa haholo bokgoni ba mintek ba ho hlahloba menyetla ya merafo ya ree, ka tjhebo qetellong ya hore ho be le tlhwekisiso ya bohareng ya Afrika Borwa e ka thusang ntshetsopeleng ya merafo ya ree afrika e ka Borwa ekasitana le dikgwebo tsa tlhahiso tsa ree tse sebedisang thekenoloji ya boemo bo phahameng e sebetsang pheletsong ya tshebetso.

Kgakolo ya sesebediswa sa National Cleanroom se leng sebakeng sa Mintek sa Nanotechnology Innovation Centre (NIC) e behetswe nako ya selemo sa ditjhelete sa 2015/2016. Sesebediswa se tla dumella bafuputsi hore ba laole mongobo, motjheso, kgatello le dikarolwana laboratoring ha se ntse se hlahisa disebediswa tsa teko tsa tlhahiso bakeng sa ho phakisa ho bona mafu a tsamaiswang ke ba bang. Maranrang ana a boemo ba lefatshe a lebelletswe hore a tla hodisa ka matla bokgoni ba ho fumana, ho hlahloba le ho ntshetsa

pele mekgwa e metjha ya ho etsa dintho le disebediswa.

Mintek e fihlelletse tumellano ya tlhahiso le mohlahisi wa matjhaba wa dikhemikale, e le tumellano ya ho hlahisa motswako wa yona wa phuputso o bitswang Nicksyn™, o tla ntlafatsa ho fumana botjha, ha ho sebediswa sekala sa tekanyo sa indaseteri. Patlisiso ya kgonahalo

ya porojeke ya morafo, e kenyeletsang tshebediso ya motswako wa Mintek wa kgwebo o bitswang Nicksyn™, e ntse e tswela pele nakong ya jwale.

ho kenngwa tshebetsong ha onto ya boemo ba lefatshe ya Mintek, e leng FurnStar Minstral, ho phethilwe mesebetsing ya Glencore’s Lion haufi le Steelpoort. Minstrals jwale e kenngwa diontong tsohle tsa lion ka bone ba tsona tseo e leng tsa boemo bo phahameng ba motswako wa keroumo le tshepe.

Page 6: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

19tlaleho e kopaneng ya selemo ya mintek ya 2015 |

Polokeho, Bophelo bo botle, Tikoloho le Boleng (SHEQ)

selemong sena hape, mintek e atlehile tlhahlobong ya bohlakisi ya tlhokomelo tshebedisong ya maemo a iso 9001:2008 (boleng), ISo 14001:2004 (taolo ya tikoloho) le oHSAS 18001:2007 (polokeho le bophelo bo botle). Sekgahla sa Diketsahalo tsa Kotsi tse bakang tahlehelo ya nako (ke hore, lost time Injury Frequency Rate, LTIFR) pheletsong ya selemo e ile ya bolokwa ho 0.5 (ho tloha selemong se fetileng) mme sekgahla sena se ka tlase haholo ho thakete ya 1. mintek e bile le dikotsi tse nne tse bakileng tahlehelo ya nako ka hara selemo. Kgatello e kgolo ya bophelo bo botle le polokeho sebakeng sa mosebetsi e molemo haholo ho mintek.

Sekgahla sa Diketsahalo tsa ho se Kgotsofale ha Bareki ba Mintek (ke ho re, The Mintek Client Dissatisfaction Frequency Rate, CDFR) se fetotswe ho ba Sekgahla sa Diketsahalo tse Bakang ho Kgotsofala ha Bareki (ke hore, Client Satisfaction Frequency Rate, CSFR) mme thakete e beilwe ho 90%. CSFR e fumane tekanyo ya 96% pheletsong ya selemo. Ha ho shejwa Sekgahla sa Diketsahalo tse bakang ho se Kgotsofale Setjhabeng (ke hore, Public Dissatisfaction Frequency Rate, PDFR) Mintek ha e a fihlella thakete ya yona ya ho ba ka tlase ho 1, mme sekgahla sa jwale ke 3. Diketsahalo tse bakileng hore Mintek e se ke ya fihlella thakete ya yona e bile ho fokola ha metjhini ho bakilweng ke ho se hlokomelwe ha yona, mme sena jwale se tlasa taolo ka mokgwa o tswellang. leha ho le jwalo, ho a hlokeha ho ela hloko hore boemo bona bo ntlafetse ha bo bapiswa le ba ngwahola bo neng bo le ho 4. mintek e tla tswela pele ka ho phethahatsa lenaneo la yona la ho disa lerata ho etsa hore e kgone ho noha boemo ba lerata pele ho ba le ditletlebo tse amang lerata. ho ne ho se na diketsahalo tsa tikoloho tse kgolo nakong ya dikgwedi tse 12 tse fetileng, mme sena se bakile Sekgahla sa Diketsahalo tsa Tikoloho (ke hore, Environmental Incident Frequency Rate, EIFR) sa 0. Sekgahla sa Diketsahalo tsa Bophelo bo Botle (ke hore, The Health Incident Frequency Rate, HIFR) se dutse se ntse se le ka tlase ho thakete ho 0.1.

Ntshetsopele ya batho

mintek e tswetse pele ka boiteko ba yona ba ho ntlafatsa bophelo ba basebeletsi ba yona ka ho fana ka dibasari tse eketsehileng bakeng sa dithuto tsa ha ba se mosebetsing ha

di bapiswa le dibasari tsa baithuti ba ithutang ka nako tsohle. hara selemo, dibasari tse 150 di ile tsa nehwa basebeletsi ho ithutela dithuto tsa ho rweswa dinaledi le tse tlang pele ho tsena. Mintek hape e na le lenaneo la dithuto tse kenellang mosebetsing (wIL) bakeng sa baithuti ba diploma ekasitana le lenaneo la boithuti ba mosebetsi la boathisene le phethahatswang ka kopanelo le Bolaodi ba mangolo a Merafong (ke hore, Mining Qualifications Authority, MQA). Boemong ba sekolo, mintek e tswela pele ka ho kgothaletsa saense, thekenoloji, boenjenere le mathematics ka phehisano ya yona ya saense ya tlhaho bakeng sa baithuti ba kereiti ya 12 le tsejwang ka hore ke Minquiz. Pheletsong ya selemo sena se tlwaelehileng, mintek e sebedisitse tjhelete e fetang r 5 miliyone bakeng sa thupello, mme palo ena e bile karolo ya 2.2% ya meputso ya basebeletsi, mme e fetile thakete ya rona ya 2%.

Kotsi ya kgaello ya bokgoni e batla e le boima mme ha e sa le kgopolo ya bohle setheong sa dimenerale le tshepe. ha indaseteri e ntse e tswela pele, re tla tshwanela ho ela hloko ka matla bokgoni bo leng teng le ho tsetela ho bokgoni ba kamoso, haholoholo ho basadi le batho ba nang le bofokodi mmeleng. Ka lebaka leo, re le Mintek, re tla boloka le ho tswela pele ka ntshetsopele ya bokgoni ba ho sebetsa ka keketseho ya 2016/17, re sa lebale dithuto tseo re ithutileng tsona keketsehong ya nako se fetileng ha re ntse re hlophisetsa pele re sebedisa moralo o batlang o akaretsa haholwanyane, o kenyeletsang mawa, taolo le ho tshwarella ho kenyeletsang baamehi bohle ba rona ka tjhebo ya ho aha boleng bo eketsehileng.

Tsa kamoso

Phihlello ya metsi le eneji ke karolo ya bohlokwa ya mesebetsi ho boholo ba diporojeke tsa merafo, mme e ntse e tota ka diphepetso, ha khamphani e tlallwa e seng feela ke ho se tiye ha phepelo ya motlakase, ho tswa ho keriti le ditheko tsa eneji, empa hape le kgaello ya metsi le dintlha tsa ho tshwarella. ho molemo ke hona hore mintek e tswele pele ka ho eketsa ho sheba ka hloko dibaka tsa mawa tsa bokgoni ba tshebediso ya eneji le metsi, sekgahla tikolohong le tshebetso ka metsi eseng feela bakeng sa indaseteri empa le ho sebaka sa mosebetsi sa Mintek. Ka lebaka lena, boiteko bo matla bo tla etswa ho diporojeke tse ntjha tse thuswang ka ditjhelete ke mtef ho toba, ho tse ding, kgaello ya metsi le motlakase setheong sa tshebetso ka dimenerale, dintlha tsa tshebediso ya matla diontong, tshebediso ya eneji nakong ya ho tjhwatla le ho sila, ditshebetso tsa ka tlasa lefatshe, ditshebetso tse sa sebediseng metsi le tse sebedisang metsi a manyenyane.

Abiel MngomezuluPresidente & CEo, Mintek 2015

Page 7: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

|

TshebeTso ka DiTjheleTe

TekoloboTjha ya Mohlanka e Moholo wa TjheleTe

Morero wa TekoloboTjha ena ya TshebeTso ya TjheleTe ke ho hlalosa le ho hlahisa maikutlo ka tshebetso ya tjhelete ya Mintek, motheo wa matlotlo le dintlha tse ding tse tshwanetseng. lesedi le itseng le fuweng le ekeditswe ho le bontshitsweng ditatementeng tsa selemo sa ditjhelete.

Lekeno

Mintek e phethetse selemo ka paloyohle ya lekeno ya r 503 m. lekeno lena le hlahisitse masalla a nete a selemo a r 18.0 m a phahameng ka 42% ha ho bapiswa le selemo sa 2013/2014. Diketsahalo tse latelang tsa bohlokwa di bile teng nakong ya ditjhelete ya jwale e shejwang mme di ile tsa ama masalla a selemo sena;

• Paloyohleyalekenoeeketsehileka6%hotlohahoR441.1mhoisahoR466.7mkahahobilelekeketsoematla ya r 35.8 m ya lekeno la kabo ya Mmuso. sena se bakilwe haholoholo ke tjhelete e fumanweng ho tswa ho MTeF nakong ena.

• LekenolatshebetsoleeketsehilekaR6.4mhaholoholokalebakalahoamohelamoputsowaR6monengotswaho ditleleime tsa inshorentshe.

• Lekenolatswalaleeketsehileka58%hotlohahoR16.8mka2014hoisahoR26.5m.

• Ditshenyehelotsabasebeletsidieketsehileka12%hotloha ho r 283.8 m ho isa ho r 318.2 m.

• Ditjehotsatshebetsoditheohileka9%hotlohahoR103mhoisahoR96m.

le hoja ho bile le ho theoha ho matla ha mosebetsi o hlahisitsweng ke bareki ba kgwebo, Mintek e ntse e kgonne ho feta mokolokotwane wa halofo ya biliyone wa lekeno le ho boloka masalla a maholwanyane.

Ditjeho tsa Motheo

selemong sena sa ditjhelete se lekolwang Mintek e tsetetseR37.1hoditjehotsamotheo,mmeR32.8yayonaya thuso ya tjhelete e tswang ka ntle e ile ya sebedisetswa hofumanamatlotloana.PaloenaekatlasehaholohopaloelekanyeditswengyaR48.9m.Boholobadikgapotsena tsa motheo bo ile ba diehiswa ka lebaka la ho hloka bonnete ka tlhahiso ya lekeno la kgwebo. Tlhahiso ya disebediswa tsa Cleanroom tse thusitsweng ka tjhelete ka tshebedisano le DsT e ile ya phethwa hammoho le mokgahlelo wa 1 wa polante ya tshwaro ya metsi ya savminTM e hahilweng randfontein. Mokgahlelo wa 2 wa sesebediswa sena o qadile mme ho lebelletswe hore o phethelwenakongyaselemosaditjheletesa2015/2016.

Disebediswa tsa nakwana

Matsete a nakwana a bolokilweng ka sebopeho sa dipeeletso tse sa fetoheng a eketsehile ka 31% ho tloha ho R333.2mhoisahoR437.8m.Keketsoenahokaetsahalahore ebe e bakilwe haholoholo ke keketso ya bokaalo ba lekeno bo diehisitsweng (40%) le ho tsetelwa ha mehlodi yatjheleteyamasallahotlohaselemongsefetileng.

Botsitso ba tjhelete

Mintek e tsitsitse hlakoreng la ditjhelete mme e na le boleng ba nete ba Matlotlo ba r454.5m. leha ho le jwalo, moruo o tswelang pele ka ho fokola wa setheo sa merafo afrika borwa ha o jese ditheohelang bakeng sa phallo e tshwarellang ya lekeno la kgwebo bakeng sa Mintek lehaeng. sena se mpefatswa le ho feta ke diphetho tsa kgaello ya motlakase. leha ho le jwalo, Mintek e bilelehlohonolohofihlellalekenolephahamengleeketsehang la ka ntle ho tswa dibakeng tse fapaneng tsa lefatshe, mme sena se nolofaditse sekgahla sa menyetla ya mesebetsi e fokotsehang ya lehae.

ke thabile ha e le mona ke kgona ho tlaleha ka hore re bile le mesebetsi e tsitsitseng ya tjhelete ya tshebetso lemong sena ha ho bapiswa le ngwahola, mme re hlahisitse R81.6myatjheleteyatshebetsomonongwaha.Tshebetsoenaefihlelletswekakeketsoyaholatellamekitlane,hofokotsamatsatsiabalefilemaemoantlafetsengaholefaba lefuwang.

ka letsatsi la leqephe la botsitso, sehlopha se bile le ditshepisotsamotheotsefihlanghoR5.8m,elengkahodimohoselemosefetilengka25%.Kamorahobahobele phokotso ya mesebetsi ya kgwebo, ho lebelletswe hore ditshenyehelo tsa motheo di fokotsehe hanyenyane isao.

Sehlophahapesebilelemekitlaneesatiiswangefokotsehilengkamatla.Nkatiisahapehorelesedilefuwengditlalehongtsefetilenglephetilwe,empahosiilwe feela kabo ya ditumellano tsa mosebetsi tseo ho nangledingangisanokatsonatsekafihlanghoR4.8m,jwalo ka ha ho senotswe dintlheng tsa ditatemente tsa tjhelete tsa selemo.

76

Page 8: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

tlaleho e kopaneng ya selemo ya mintek 2015 | 77

Dintlhakgolo tsa mosebetsi selemong sa 2015

Mintek e fane ka sephetho se matla sa ditjhelete le hoja maemo a kgwebo a ne a fokola indasetering ya merafo. Hona ho bontsha botsitso ba lewa la Mintek le mosebetsi o tswileng matsoho oo Mintek e o entseng ka diphetoho tsa boiqapelo tsa diminerale le tsa tshepe (e leng, mesebetsi ya tshepe). Mosebetsi wa Mintek dilemong tse tharo tse fetileng o bile le botsitso haholoholo ka lebaka la tsamaiso e atlehileng ya dintlha tseo Mintek e kgonang ho di laola.

2015 2014

Tjhelete

Paloyohle ya lekeno Rm 466 441

Masalla/(kgaello) ya nete Rm 17.6 12.6 (e phetwang)

Taolo ya mehlodi

karolo ya Bee ya ditshenyehelo tsohle tsa boikgethelo % 84 68

Palohare ya matsatsi a balefi matsatsi 54 61

Diabo tse kgethilweng tsa bokgoni

Lekeno la dipatlisiso/Paloyohle ya lekeno % 60 62

Moedi wa phaello ya tshebetso % 6.7 4.0

Ho ba le matlotlo a ka fetolwang hore e be tjheletetjhelete (kheshe)

reshiyo 2:1 2:1

Dinyehelo tsa mmuso/Paloyohle ya lekeno % 50 46

Lekeno la phuputso ka tumellano/Paloyohle ya lekeno % 11 18

Lekeno la kgwebo/Paloyohle ya lekeno % 39 38

Lesedi le amang basebeletsi

Paloyohle ya basebeletsi palo 688 704

Ditshenyehelo tsa basebeletsi Rm 318 284 (e phetwang)

Ditshenyehelo tsa Meputso (tCtC)/Ditshenyehelo tsohle % 60 59

Ditshenyehelo tsa Meputso (tCtC)/tjhelete yohle % 65 63

0

100

200

300

400

500

2011 2012 2013 2014 2015

Menyetla ya Lekeno ya Mintek Dinyehelo tsa mmuso

Phuputso tsa selekane

Dihlahiswa le Ditshebeletso

Tjhelete yohle

SELEMO

Page 9: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

81

Pehelo ya Molaodi

Selemo Sa ditjhelete Sa 2014/2015 ebile se nang le diphepetso ho mintek ka ha sephetho sa moruo o neng o le tlasa kgatello se ne se totobetse phokotsehong ya lenane la diprojeke tsa kgwebo tse ileng tsa hapuwa. Boima ba sona bo ile ba fokotswa ka mosebetsi wa diphuputso o ileng wa etswa ka thuso ya ditjhelete e tswang mmusong haholoholo e tswa ho dipakana tsa tshehetso tsa Phehisano moruong (ke hore, Economic Competitiveness Support Packages, eCSP). diphetoho ho meedi ya masalla a mintek pakeng tsa selemo sa 2009/2010 le sa 2014/2015 di ntse di kgema le diphetoho tse kgolo tsa ho batlwa ha dihlahiswa le ditshebeletso ho ntseng ho bontsha matla a diphetoho tsa dintlha tsa lefatshe le tsa sepolotiki lefatsheng tse amang indaseteri ya mehlodi ya dimenerale. motheo wa bareki o moholohadi wa mintek o haholoholo setheong sa dimenerale sa afrika Borwa mme merusu e sa feleng ya basebeletsi, ho kginwa ha mesebetsi, tlhahiso e fokolang ekasitana le infoleishene ya ditheko tsa disebediswa tsa motheo (jwalo ka motlakase, kgase, metsi, founu) di ile tsa ba le sekgahla se seholo ho sephetho sa ditjhelete tsa mintek. lekeno la rona ekasitana le phallo ya tjhelete (ho kena le ho tswa ha tjhelete) hape di angwa ke diphetoho tsa Ranta ya afrika Borwa. ha ho shejwa seabo se matla sa tjhelete ya US ho diphapanyetsano tsa rona tsa matjhaba, ho fokotseha ka 15.7% ha Ranta kgahlanong le dolara ya US ho bile le sekgahla se sebe ho sephetho sa rona sa ditjhelete kaha matla a Ranta a ile a tswela pele ho fokola selemong sa 2014/2015 ya ba ya fihla ho R12.17 kgahlanong le dolara ya US pheletsong ya hlakubele 2015. mintek ha e na diphetoho tsa sekgahla sa polokeho ya phapanyetsano (se bitswang “hedge exchange rate fluctuations” ka Senyesemane) kaha re sa dumele hore ho dula re ntse re boloka matla a tjhelete ho tla neha tshebetso ya rona ya tjhelete le boemo ba rona ba tjhelete menyetla ya nako e telele.

mintek e dula e ntse e sheba botjha ditheko tsa yona tsa tshebetso, e tsepamisitse ho moralo wa yona wa ditheko ho netefatsa hore ditheko tsa diprojeke ha di phahame haholo ka ho tswa taolong nakong ya bophelo ba diprojeke. Ka lebaka leo, nako le mehlodi e meholo di abetswe ditshebetso tsa meralo ya diporojeke, tumello ya tsona ekasitana le tekolobotjha ya tsona. leha ho sa shejwe hoo, matlotlo a rona a hlahisang tjhelete a anngwe hampe ke diphetoho tsa mmaraka le meralo ya indaseteri, ditheko tse hodimo, ho kgaotsa ha phepelo, tshenyeho ya disebediswa le ho hloleha le diphepetso tse ding tsa setekgeniki. Sena se bakile ditheko tse nyolohileng tsa tshebetso le tsa motheo ekasitana le hore phaello e neng e lebeletswe ho tswa ho matlotlo ha e a fihlellwa.

Re na le tumellano le bahwebi ba bangata bao re phehisanang le bona ho kenyeletswa bareki le bafepedi mme diphetoho tse matla tsa moruo lefatsheng di

tlisitse kgatello e kgolo ho dimmaraka tsa tjhelete tsa lefatshe, ha tlisa ho fokotseha ha matlotlo a ka fetolwang tjheletetjhelete (kheshe) ekasitana le ho ba le sekgahla se sebe maemong a kgwebo ka kakaretso mme mokgwa wa rona wa ho laola dikotsi tsa mekitlane ke ho netefatsa hore kotsi yohle ya mokitlane e a lekanngwa le ho laolwa ka tshwanelo ho thibela tahlehelo ya tjhelete.

Lekeno

lekeno la sehlopha sa mintek le eketsehile ka 6% nakong ya selemo se shejuweng mme la fihla ho R466.6 miliyone (2014: R441.0 miliyone). Keketso ya lekeno e bakilwe haholoholo ke mosebetsi wa diphuputso o entsweng ka thuso ya dinyehelo tsa mmuso.

Seabo sa Kabo ya mmuso e bile 47% (2014: 43%) ya lekeno lohle la 2015, ha ka ho le leng dihlahiswa le ditshebeletso ekasitana le diphuphutso ka tumellano di bile le seabo sa 37% (2014:36%) 10% (2014:17%) ka ho tshwanelana. Nyehelo yohle ya mmuso e eketsehile ka 18 % ka 2015 ho tloha ho R196.8 miliyone ho isa ho R232.6 miliyone.

tlaleho e kopaneng ya selemo ya mintek ya 2015 |

Page 10: TekoloboTjha ya ModulaseTulo - MINTEK | Welcome to MINTEK - … · 2016-10-06 · lebitsong la bohle ka hara Mintek, ke lakatsa ho leboha Motlotlehi Moatefokate Ngoako ramatlhodi,

82

lekeno la Kgwebo le fokotsehile ka R10.1 miliyone ho isa ho R234.1 miliyone ka 2015. lekeno lena le hlahisitswe ka dithekiso tsa lehae ekasitana le tsa dinaha disele. Seabo sa dithekiso tsa lehae e bile 59% (2014:61%) mme tsa dinaha disele e bile 41% (2014:39%) ya lekeno lohle la kgwebo. Phokotseho ya dinaha disele.

lekeno la dilemo tsa ho qetela tse 5 le bakilwe ke ho fokola ha Ranta le kgolo e tlasana ya mesebetsi ya dimenerale, ditsha tsa pyrometallurgy le hydrometallurgy moo ho tsamaisitsweng dipolante tsa kgakolo tse kgolo tsa palo e nyenyane.

lekeno le leng haholoholo ke la tswala e fumanweng ho tswa ho matsete a nakwana le lekeno la rente. tswala e fumanweng e hlahisitswe ka lebaka la ho tsetela lekeno le fumanweng ka pele la dinyehelo tsa mmuso le thuso ya tjhelete ya diprojeke ho tswa ho bareki ba setheo sa poraefete mme le ile la fihla ho R26.5 miliyone (2014:R16.8 miliyone). Nakong ya dilemo tse mmalwa tse fetileng Mintek e bile hloko taolong ya mehlodi ya yona ya tjhelete mme sena se fihlelletswe ka ho tsetela moo ho fumanwang tswala e ngata e le ho etsetsa hore ho fihlellwe phaello ya nakwana e kgolwanyane.

Ditshenyehelo

ditshenyehelo tsa tshebetso di eketsehile ka 8% ho tloha ho R448.9 miliyone ho isa ho R 485.7 miliyone. ditefo tsa ditshebeletso di eketsehile haholo ka R25.8 miliyone ho fihla ho R43.4 miliyone. Keketso ena e bakilwe ke ditshenyehelo tse kgolo tse bileng teng tsa tsamaiso ya lenaneo la tsoseletso ya merafo e sa hlokomelwang le e se nang beng. tekolobotjha ya bophelo bo nang le molemo le boleng ba masalla ba thepa, polante le disebediswa e fokoditswe phokotso ya boleng ka R4.9 miliyone ha ho bapiswa le 2014 moo sekgahla sa phokotso ya boleng e neng e le R2.7 miliyone.

ditjeho tsa basebeletsi di eketsehile ka 12% e bakilweng

haholoholo ke keketso ya infoleishene le basebeletsi ba batjha ba hirilweng selemong sa 2014/2015. Seabo se phahameng sa ditshenyehelo tsa moputso ha se bapiswa le lekeno se kgema le sebopeho sa mesebetsi ya mintek e sebedisang basebetsi ba bangata mme e hloka basebetsi ba bokgoni bo phahameng ba thekeniki. Reshiyo e dutse e ntse e tsitsitse pakeng tsa 2009/2010 le 2014/2015 mme e bile palohare ya 60%.

Tjhebobotjha ya Boemo ba Tjhelete

Tshebediso ya Tjhelete

Boemo ba ditjhelete ba mintek bo dula bo ntse bo le matla. mehlodi ya tjhelete ke karolo e kgolo ya matlotlo ohle (62%) mme e eketsehile ka 20% selemong se fetileng sa ditjhelete ka lebaka la keketso ya thuso ya tjhelete e tswang ho mteF ekasitana le lekeno le fumanetsweng ka pele ho tswa ho bareki. mesebetsi e hlahisitse phaello e matla ya tjhelete e sebediseditsweng ho thusa tjhelete ya tshebetso le ditlhoko tsa ditshenyehelo tsa motheo. tjhelete e hlahisitsweng ke mesebetsi e bile R57.2 miliyone ha ho bapiswa le tjhelete e hlahisitsweng selemong se fetileng ya R74.5 miliyone. Hona ho bakilwe haholoholo ke ditjhelete tse fumanetsweng ka pele.

Boemo bona ba jwale bo tshehetsa mesebetsi e tswellang ya kgwebo ya mintek ekasitana le phethahatso ya diporojeke tsa yona. le ha ho le jwalo mintek e tla tswela pele ho ela hloko ka matsete a jwalo, ka lebaka la ho hloka botsitso le nnete ekasitana le diphetoho tse matla tsa maemo a jwale a moruo.

Tjhelete ya Tshebetso

mintek e tswela pele ka ho laola tjhelete ya yona ya tshebetso ka bokgoni le hoja ho na le maemo a matla a diphetoho tsa moruo lefatsheng. Reshiyo ya jwale e bolokilwe ho 2 dilemong tse 5 tse fetileng, seabo sa tjheletetjhelete (kheshe) se fokotsehile haholo ho ya ho diphesente tse 3 nakong ya selemo se shejuweng moo kheshe le dikakheshe di fokotsehileng ho tloha ho R38.6 miliyone ka 2014 ho isa ho R7.7 miliyone. hona ho bakilwe haholoholo ke matsete a ntlafetseng a nakwana. Matsatsi a balefi a fokotsehile ho tloha ho matsatsi a 61 ka 2013/2014 ho isa ho matsatsi a 54 ka 2014/2015.

Ditshenyehelo tsa Motheo

ditshenyehelo tsa motheo di fokotsehile ka R4.5 miliyone ho isa ho R37.0 miliyone nakong ya selemo sa 2014/2015, sena se bakilwe haholoholo ke dikgapo tse fokotsehileng le ho ntjhafatsa matlotlo a meaho selemong sa 2014/2015.

Poello ya matsete a motheo (RoiC) e nehelana ka sesupo sa bokgoni boo mintek e tsetetseng tjhelete e tlasa taolo ya yona ka bona; seabo sena se dutse se tsitsitse ho 4% pakeng tsa 2012/2013 le 2014/2015.

mintek e amohetse thuso ya tjhelete ya R32.8 miliyone (2013/2014- R58.4 miliyone) selemong sena bakeng sa ho reka thepa, Polante le disebediswa. Paloyohle ya phokotso ya boleng e fokotsehile ka R2.3 miliyone ho tloha selemong se fetileng, mme phokotso ena e bakilwe ke hore matlotlo a mangata a ne a atamela pheletsong ya bophelo ba ona.

tSheBetSo Ka ditjhelete

|