diphoofolo di kamoo robalang - ackermans magazine · kamoo diphoofolo di kateng tlasa dinaledi...

2
76 MPHALANE 2018 - ACKERMANS E BOKELETSWE KE MARTINA POLLEY LE SHAMILAH PETERSEN IMAGES GALLO IMAGES/GETTY IMAGES, FREEPIK SOURCES MNN.COM, KIDS.BRITANNICA.COM, HEALTHYSLEEP.MED.HARVARD.EDU, SLEEPFORKIDS.ORG, MYENGLISHTEACHER.EU, MENTALFLOSS.COM ROBALANG Ho robala ho bohlokwa ka hobane ho re thusa hore re hole eas ho dula re phetse hantle. Diphoofolo le tsona di hloka ho robala. Sheba dintlha tsena tsa nnete. KAMOO DIPHOOFOLO DI KATENG TLASA DINALEDI Dithakadi Bommankgane Diphokojwe Dihlong Sephooko Dinoko Diphoofolo tse mafolofolo nakong ya motshehare di bitswa hore ke tsa diurnal. Jwalo ka rona di robala bosiu. BOHOLO BA DITLHAPI HA DI NA DINTSHI TSA MAHLO. Mehlala e meng ke ena: Diphoofolo tse mafolofolo nakong ya motshehare di bitswa hore ke tsa nocturnal. MOTSHEHARE LE BOSIU DIPHOOFOLO TSE DING DI ROBALA TLASA DITHANELE TSE BITSWANG MEKOTI. TLASA LETSATSI Dinotshi Dintja Ditshwene Boholo ba dinonyana Dikolobe tsa moru KA TLASE HO LEFATSHE Mekoti ya diphoofolo ke dithanele ka tlase ho lefatshe moo diphoofolo tse jwalo ka mebutlanyana le dinoko di robalang teng. Di boela di kena moo ho ipatela diphoofolo tse di jang le ho itshireletsa motjhesong wa letsatsi. Ditlhapi di robala di butse mahlo (mokgelo ke di-shark) ka hobane ha di na dintshi! Di sesetsa botlaseng ba metsi, mme hanyenyane di hlahella ka hodimo ho phefumoloha.

Upload: others

Post on 18-Jan-2021

0 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

Page 1: DIPHOOFOLO DI KAMOO ROBALANG - Ackermans Magazine · KAMOO DIPHOOFOLO DI KATENG TLASA DINALEDI Dithakadi Bommankgane Diphokojwe Dihlong Sephooko Dinoko Diphoofolo tse mafolofolo nakong

76 MPHALANE 2018 - ACKERMANS

E BO

KEL

ETSW

E K

E M

ART

INA

PO

LLEY

LE

SHA

MIL

AH

PET

ERSE

N IM

AGES

GA

LLO

IMAG

ES/G

ETTY

IMAG

ES, F

REEP

IK S

OU

RCES

MN

N.C

OM

, K

IDS.

BRIT

AN

NIC

A.C

OM

, HEA

LTH

YSLE

EP.M

ED.H

ARV

ARD

.ED

U, S

LEEP

FORK

IDS.

ORG

, MY

ENG

LISH

TEAC

HER

.EU

, MEN

TALF

LOSS

.CO

M

ROBALANGHo robala ho bohlokwa ka hobane ho re thusa hore re hole eas ho dula re phetse

hantle. Diphoofolo le tsona di hloka ho robala. Sheba dintlha tsena tsa nnete.

KAMOO DIPHOOFOLO DI

KATENG

TLASA DINALEDI Dithakadi Bommankgane Diphokojwe Dihlong Sephooko Dinoko

Diphoofolo tse mafolofolo nakong ya motshehare di

bitswa hore ke tsa diurnal. Jwalo ka rona di

robala bosiu.

BOHOLO BA DITLHAPI HA DI NA DINTSHI TSA MAHLO.

Mehlala e meng ke ena:

Diphoofolo tse mafolofolo nakong ya motshehare di bitswa hore ke tsa

nocturnal.

MOTSHEHARE LE BOSIU

DIPHOOFOLO TSE DING DI ROBALA

TLASA DITHANELE TSE BITSWANG

MEKOTI.

TLASA LETSATSI Dinotshi Dintja Ditshwene Boholo ba dinonyana Dikolobe tsa moru

KA TLASE HO LEFATSHE

Mekoti ya diphoofolo ke dithanele ka tlase ho lefatshe moo diphoofolo tse jwalo ka mebutlanyana le dinoko di

robalang teng. Di boela di kena moo ho ipatela diphoofolo tse di jang le ho itshireletsa

motjhesong wa letsatsi.

Ditlhapi di robala di butse mahlo (mokgelo ke di-shark) ka hobane ha di na dintshi! Di sesetsa botlaseng ba metsi,

mme hanyenyane di hlahella ka hodimo ho phefumoloha.

Page 2: DIPHOOFOLO DI KAMOO ROBALANG - Ackermans Magazine · KAMOO DIPHOOFOLO DI KATENG TLASA DINALEDI Dithakadi Bommankgane Diphokojwe Dihlong Sephooko Dinoko Diphoofolo tse mafolofolo nakong

a re ithuteng LELAPA

HO HAEBANEITANakong ya dikgwedi tse batang haholo

(haholoholo karolong ya hemisphere e ka leboya moo ho nang le lehlwa), diphoofolo tse itseng, jwalo ka masamane le dihlong

di a haebaneita. Sena se bolela hore di aparelwa ke boroko bo boholo, motjheso wa mmele wa tsona o a fokotseha mme

sekgahla sa ho otla ha dipelo tsa tsona se a fokotseha – bonneteng di shebahala di shwele! Ha boemo ba lehodimo bo qala

ho futhumala, di kgutlela mesebetsing ya tsona ya setlwaedi.

HLOOHO E BOROKO!Ke phoofolo efe e hlokang haholo ho robala

letsatsi ka leng?

MESHA E BOKANA HAMMOHO BAKENG

SA MOFUTHU.

LESAMANE

HLONG

DIQIBI TSA LEWATLENG DI

TSHWARANA KA MATSOHO HA DI

ROBALA HORE RE DULE HAMMOHO

LEWATLENG.

Estivation ke mofuta wa ho robala kapa

ho haebaneita ha diphoofolo

nakong ya selemo. Diphoofolo tse

itseng di dula di robetse (di sa

sisinyehe ho hang) ho itshireletsa motjhesong o

phahameng haholo.

NNETE E THABISANG

HO BOLOKA LEIHLO LE LE LENG LE TUTUBULOHILEDi-dolfini di na le leqheka le kgethehileng: Di boloka leihlo le le le leng le tutubolohile. Leihlo le ka letsohong le letshehadi le a kwalwa ha halofo ya boko ka lehlakoreng le letona e robala mme ha leihlo le ka letsohong le letona le kwalwa haholo ya boko ka letsohong le letshehadi e a robala. Leihlo le butsweng le fadimehile ho bona diphoofolo tse di jang mme halofo ya boko e ‘tsohileng’ e hopotsa dolfini ho sesetsa kahodimo ho phefumoloha.

Thuhlo dihora tse 1 – 2 (di robala dikgefutso tsa metsotso e mehlano nakong yohle ya motsheahare)

Pere dihora tse 3

Tlou dihora tse 4

Ntja ddihora tse 10

Katse dihora tse 12

Lengau dihora tse 15Mmangane wa motshehare

dihora tse 20

KE QUBU!Bosiu mesha e hlwellana

hodimo ho ipoloka e futhumetse ha e robala. Ha e robale kantle

pepeneneng, empa hara mekoti. Dintjanyana , masamane le

bommangane le bona ba kopana hammoho bakeng sa

mofuthu ha ba robetse.

NA O TLA TSHWARA LETSOHO LA KA? Diqibi tsa lewatleng di ntle haholo. Di robala di paqame ho sheba hodimo ka dipara kapa ka dihlopha. Mme ho etsa

bonnete ba hore ha di hoholwe ke metsi ho tloha ho tse ding, di tshwarana ka matsoho.

NA O NE O TSEBA? Di-dolfini ke dinyantshi – ha di kgone ho

phefumoloha ka tlase ho metsi.