bophelo bo botle le polokeho - labour.gov.za · bajadi ba difate le bona ba kotsing e kgolo ya ho...

16
Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 1 BOPHELO BO BOTLE LE HO TSA MERU POLOKEHO

Upload: voanh

Post on 03-Jan-2019

219 views

Category:

Documents


0 download

TRANSCRIPT

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 1

BOPHELO BO BOTLE LE

HO TSA MERUPOLOKEHO

2 >

Bo

phel

o bo

Bot

le le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

I SELELEKELA

Lekala la tsa meru le tla tswella ho ba le leng la diindaseteri tse kotsi haholo dinaheng tse ngata. Lefatshe ka

bophara, hangata ho ba le ditlwaelo le mekgwa e nyahamisang ya bohato ba dikotsi tse ntseng di nyoloha tsa

mafu a hlahellang mesebetsing hammoho le basebetsi ba behang meja fatshe pele ho nako.

Tshebediso le taolo ya meru ke ntlha ya kgale e ka lekanngwang le motho ka boyena. Tshimolohong, meru e

ne e sebedisetswa fela bakeng sa ho iphidisa: dijo, dibeso le disebediswa tsa ho haha. Ka ho batalla, ho na le

dihlopha tse pedi tsa mesebetsi ya meru: tse amanang le silviculture (tsamaiso ya ho jala le ho laola difate

tsa meru) hammoho le tse amanang le tsa temo.

• Mesebetsi e tlwaelehileng tsamaisong ya silviculture e kenyeletsa ho jala difate, menontsha, lehola

le ho laola dikokonyana le ho poma. Mosebetsi wa ho jala difate ke wa nako ya sehla ka hohlehohle

mme dinaheng tse ding mosebetsi ona o kenyeletsa sehlopha se ikgethileng sa basebetsi ba etsang

mosebetsi ona ka ho ikgetha haholo

• Nakong ya kotulo, mesebetsi e tlwaelehileng haholo e jwaloka ho sebetsa ka sakga, merung e

meholo e teteaneng ke moo motho a nang le mothusi, batsetedi ba ditjhouku ba hokelang dikheibole

diterekereng kapa hodimo mane ho hulela dikutu ka thoko ho tsela; basebetsi ba kalang, ba suthisang,

ba laelang kapa ho kgaola makala dikutung tsena hammoho le balaodi ba metjhini bakeng sa diterekere,

ba palamisang, dikereine tsa kheibole, bakotudi le dilori tse palamisang dikutu.

Mohopolo o tsebisahalang dinaheng tse ngata ke hore mosebetsi wa tsa meru o na le dintlha tse 3 tsa

D: o ditshila, o thata ebile o kotsi. Ho na le dintlha tse ngata tsa tlhaho, tsa setekginiki le tsa tlhophiso

mokgatlong tse kenyang letsoho setshwantshong seo. Mosebetsi wa meru o lokela ho etsetswa kantle. Ka

tsela e jwalo basebetsi ba iphumana ba tobane le maemo e lehodimo a mabe haholo: motjheso, mohatsela,

lehlwa, pula le mahlasedi a letsatsi a bohale haholo. Mosebetsi ona o tswela pele tlasa ona maemo ao a mabe

a lehodimo hape tsamaisong eo ho sebetswang ka metjhini ho yona ho tswela pele ka mosebetsi le ha e le

bosiu. Basebetsi ba iphumana ba tobane le dikotsi tsa tlhaho tse mpe haholo tse jwaloka mekoti e tebileng

kapa seretse, dijalo/jwang bo teteaneng hammoho le dintho tse ka bang kotsi mmeleng wa motho.

Hangata ditsha tsa mosebetsi di ba hole haholo hape le dipuisano di a fokola le mathata a ho pholosa le

ho ntsha batho nakong ya dikotsi. Bophelo ba dikampong tsa nako e telele moo o leng hole le lelapa le

metswalle e ntse e le ntho e tlwaelehileng dinaheng tse ngata.

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 3

II. SEPHEO SA BUKANATATAISO ENA

Ho etse bonnete ba hore tikoloho e bolokehile ebile ho ka sebetseha hantle lekaleng lena la meru,

motho ofe kapa ofe ya amehang o na le boikarabelo ba bophelo bo botle le tshireletso e leng dintlha tse

hlakisitsweng hantle Dikarolong tsa 8, 13 le 14 tsa Molao wa Bophelo bo Botle Mosebetsing le Tshireletso

wa 85 wa 1993. Bukanatataiso ena e jere tataiso ho thusa bahiri, batho ba itshebetsang le bao ba laolang

mosebetsi wa tsa meru ba nka boikarabelo ba bona nakong eo ba ntseng ba etsa mesebetsi ya bona wa

tsa meru.

Mosebetsi wa tsa meru ke ketsahalo e kotsi ka ho fetisisa. Ditaba tsa tsamaiso tse amanang le ho kotula

patsi e sebedisetswang ho haha (thimba), ho e beha ka thoko ho tsela le ho e lebisa ho batho ba ilo e

sebedisa pheletsong ke mosebetsi o thata haholo. Ho sa natse hore na ke bajadi kapa bareki ba thimba,

borakonteraka kapa ba tlatsetso, ho na le karolo eo ba e bapalang ho etsa bonnete ba hore bophelo ba

batho le tshireletseho ya bona ha e behwe kotsing. Nakong eo ho ntseng ho etswa meralo le ho sebetsana

le ditsamaiso tsa dithekisetsano ho tsa meru, motho e mong le e mong o tobane le palo e kgolo ya

mesebetsi ya bophelo bo botle le tshireltso eo ho lokelwang ho sebetsanwa le yona, e jwaloka:

• Ho phethela ditlhahlobo tsa kotsi

• Ho kgetha disebediswa tse loketseng mosebetsi oo

• Ho etsa bonnete ba hore ho na le bophelo bo botle le polokeho bakeng sa bahiruwa

• Ho hlakisa hantle dipehelo tse lokelang ho latela tabeng ya tshireletso

• Ho etsa bonnete ba hore batho ba rupelletswe ka tshwanelo

• Ho laola mosebetsi.

Ha ho la laolwa bophelo bo botle le tshireletseho mosebetsing ka katleho ho tsa meru hammoho le tsohle

tsa ho hula tse amanang le tsona, ho hlokeha hore diketsahalo tsohle di hokahanngwe le tse ding hape le

ditsebiso tsohle tse fetisetswang hodimo le fatshe ketaneng ya konteraka.

4 >

Bo

phel

o bo

Bot

le le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

1. 1. NA KE DIKOTSI DIFE TSE AMANANG LE DIKETSAHALO TSA MERU?

Tlhaho ya mosebetsi ona wa tsa meru o bontsha hore ho lokela ho sebetswa ka matsoho nako e kgolo ho

kenyeletswa ho kgaola dikutu, ho tlosa makala le ho seha ka ho phunyeletsa hape le ho ebola makgapetla.

Ditsamaiso tsa metjhini di kenyeletsa ho kgaola dikutu ka yona metjhini eo ke bakotudi ba difate, ho fetisa

le ho tlosa methapo. Basebetsi ba merung ba dihang difate ka ho sebedisa disakga tsa diketane ke bona

ba tobaneng le kotsi e kgolo haholo indasetering ena. Ditshebetso tsa kotsi e phahameng di kenyeletsa

ho beha fatshe “tse tshwarehileng hodimo”, ho hlokomela tse lahlelwang ke moya hape le ho hlwekisa

kamora mello ya meru. Bajadi ba difate le bona ba kotsing e kgolo ya ho jara merwalo e boima ya dipeo le

ho jala ba le boemong bo sa tsitsang ebile bo sa bolokehang. Meriana e bolayang dikokonyane le lehola e

sebediswang moo le yona e kotsi haholo.

Hangata ditaba tsa bophelo bo botle le tshireletso tse amanang le diketsahlo tsa meru tsa sethatho di

kenyeletsa:

• Dikotsi mmeleng

— Tlelaemete

— Mosebetsi wa matsoho

— Lerata

— Ho thothomela

• Dikotsi tsa dikhemikhale

• Dikotsi tsa ka hare mmeleng

• Polokeho ya metjhini.

1.1 DIKOTSIMMELENG

1.1.1Tlelaemete

Ho sebeletsa kantle, ho latela maemo a lehodimo e ka ba ntho e ntle hape e mpe bakeng sa basebetsi ba

meru. Moya o foreshe le maemo a lehodimo a matle ke ntho tse ntle empa maemo a sa kgahliseng a ka

baka mathata.

• Ho sebeletsa tlelaemeteng e tjhesang haholo e tlisa kgatello e kgolo mosebeletsing wa meru ya etsang

mosebetsi ona o kotsi. Hara dintho tse ding, mohato oo pelo e otlang ka ona o a phahama ho boloka

thempereitjhara ya mmele e le tlase. Ho fufulelwa ho bolela hore mmele o lahlehelwa ke mekedikedi

ya ona..

Mosebetsi o boima dithemphereitjhareng tse phahameng ho bolela hore mosebeletsi a ka nna a hloka ho nwa 600 ml tsa metsi ka hora ho boloka mekedikedi ya mmele e le bohatong ba tekano.

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 5

• Tlelaemeteng e batang, mesifa ha e sebetse hantle, e a fokola. Bothata ba ho fumana kotsi ya

methapo le masapo e ya eketseha. Ho tlatseletsa moo, tshebediso ya eneji e eketseha haholo ka

ha ho hlokeha eneji e ngata haholo hore mmele o dule o futhumetse. Maemo ao pula e nang ho ona,

haholoholo moo a tsamaisang le ho bata, sena se bolela hore ho tla ba hlaha dikotsi tse ngata haholo

ka ha ho ba thata ho tshwara dithulose. Sena se bolela hore le mmele o hatsetse haholo.

• Maemong a lehodimo a tjhesang ho hlokeha fela diaparo tse bofefo. Ha ho le jwalo ho ba le bothata

ho mosebeletsi ho sebedisa diaparo tsa tshireletso tse lekaneng hammoho le dieta ho mo sireletsa

hore a se ke a hlajwa ke ditshehlo, makala a kgaohang hampe fela hammoho le dijalo tse sitisang.

1.1.2Mosebetsiwamatsoho,leratalehothothomela

• Mosebeletsi wa metjhini ya matsoho wa merung ke motho ya sebetsang ka metjhini e tshwarwang

ka matsoho e jwaloka sakga ya ketane kapa disehi tsa borashe tse matla mme o iphumana a tobane le

maemo a lehodimo a tshwanang le ao mosebetsi wa matsoho a tobanang le ona.

Ho bohlokwa haholo ho ba le diaparo tse lekaneng bakeng sa maemo a lehodimo a fapaneng ho boloka mosebeletsi wa tsa meru a futhumetse ebile a omme

Bodulo bo tlamehile ho ba le disebediswa tse lekaneng tsa ho hlatswetsa le ho omisa diaparo

Ka tsela e jwalo, mosebeletsi o na le ditlhoko tse tshwanang felatsa diaparo tse lekaneng hammoho le disebediswa tsa bodulo

6 >

Bo

phel

o bo

Bot

le le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

• Lerata

— Ke bothata ha a sebetsa ka sakga ya ketane, sakga ya borashe kapa metjhini e tshwanang le

yona. Bohato ba lerata la disakga tsa ketane tse ngata tse sebediswang merung e tlwaelehileng

le feta 100 dBA. Mosebedise wa motjhini ona o tobane le bohato ba lerata dihora tse 2 ho

isa ho tse 5 letsatsi le leng le le leng. Ho thata ho fokotsa bohato ba lerata la metjhini ena ntle

le ho e etsa e be boima haholo mme ho tla ba thata ho sebetsa ka yona

— Basebeletsi ba tobaneng le lerata lena kapa le ka hodima 85dBA ntle le ho sebedisa

tshireletso ya ditsebe lerateng ba ka nna ba iphumana ba lahlehetswe ke kutlo e bakilweng

ke lona.

• Hothothomelaletsoho

— Bona ke bothata bo bong mabapi le disakga tsa ketane. Lefu la “Monwana o mosweu” esale

e le bothata bo boholo bakeng sa basebetsi ba bang ba merung ba sebetsang ka disakga tsa

ketane.

• Hothothomelammeleohle

— Thothomelo ya mmele ohle tshebedisong ya metjhini ya meru e ka fokotswa ka ho etsa

tselana moo motjhini o tsamayang teng

— Motsamao wa kereine hammoho le dikarolo tse ding tse dikolohang tsa motjhini hammoho le

ho thothomela ho etswang ke phepelo ya motlakase

— Bothata bo tobileng ke matshosetsi a maholo ho molaodi wa motjhini ha o kopana le tshita

e jwaloka leralla

— Balaodi ba dikoloi ba jwaloka (skidders le forwarders), hangata ba ba le mathata a bohloko

mokokotlong fatshe

— Ho thothomela hona ho eketsa bothata ba kotsi ya ho utlwa bohloko e iphethaphetang

molaleng, mahetleng, letsohong le seatleng

— Ho thothomela ho eketseha ka matla ebile ho latela lebelo leo molaodi wa ona a o sebedisang

ka teng.

Ka tsela e jwalo, ho bohlokwa haholo ho sebedisa dithulose tsa ho thibela lerata

Bothata bona bo ka fokotswa ka ho sebedisa disakga tsa ketane tsa sejwalejwale ka ho sebedisa difokotsamodumo tse phethahetseng ebile tse thibelang ho thothomela

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 7

• Ho fokotsa ho thothomela hona, metjhini ena e ka kenngwa ditulo tse fokotsang bohale ba ho thothomela

• Ha ho sa sebediswe metjha ya tshebetso ya boenjenere bakeng sa ho laola dikotsi tsena, tharollo e teng fela ke ho fokotsa dikotsi ka ho fokotsa nako ya ho sebetsa ka ona, mohlala, ho sebedisa batho ba fapaneng ka dinako tse fapaneng.

Helemete ya tshireletso

Dieta tsa tshireletso

Tshireletso ya kutlo

Tshireletso ya mahlo

Mekotlanamatsoho ya tshireletso

Tshireletso ya maoto

Setshwantsho sa 1 se ka hodimo se bontsha mofuta wa dithulose tsa tshireletso ya motho ka boyena e sebediswang ditshebeletsong tsa meru

1.2 DIKOTSITSADIKHEMIKHALE

1.2.1PeterololeDiolibakengsaMetjhiniemenyenyane

• Metjhini e menyenyane ya meru e jwaloka disakga tsa ketane, disakga tsa borashe le metjhini e dikolohang

ke mehlodi ya mesi e silafetseng ya peterolo nakong ya tshebetso ya ho diha difate

• Metjhini e menyenyane e sebediswang ho tsa meru e matlafatswa ka dienjene tse kgannwang ka bobedi

moo ho kopanngwang oli e nolofatsang le peterolo. Ho ka etsahala hore o hahlamelwa ke peterolo ena

le dinolofatsi hammoho le oli ya ketane nakong eo ho kopanngwang oli le ha e tlwatswa hape le nakong

eo ho dihwang difate

• Dipeterolo le tsona ke dikotsi tsa mollo mme ka tsela e jwalo di hloka ho bolokwa ka hloko e kgolo le

ho tshwarwa hantle

• Diaerosolo tsa Oli di ka nna tsa baka kotsi ya bophelo e jwaloka ho hlohlonelwa, ho utlwa bohloko ha

diphaepe tsa ho hema le mahlo hammoho le mathata a letlalo

• Nakong ya tlhokomelo le ditshebetso tsa ho lokisa, matsoho a basebetsi ba metjhini a kopana le

dinolofatsi tsena, dioli tse tshelwang bakeng sa ho hula le dioli tse ding tsa peterolo tse ka nnang tsa

baka bohloko ba letlalo ha le kopana le dintho tse kotsi.

8 >

Bo

phel

o bo

Bot

le le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

1.1.3 Merianaebolayangdikokonyana,dijalotsesahlokeheng,manyololemerianae

tshaswanghofetolamebala

• Meriana e bolayang dikokonyana e sebediswa merung hammoho le matlong a tlhokomelo ya dijalo ho

laola lehola, dikokonyana le diroto. Merung ho sebediswa meriana e bolayang lehola ho laola borashe

ba patsi e thata, lehola le ditsheng tsa jwang patsing e sa le nyenyane. Bakeng sa hona ho sebediswa

dikhemikhale tsena: Phenoxy herbicides, glyphosate kapa triazines

• Ka dinako tse ding ho ka nna ha boela ha sebediswa meriana e bolayang dikokonyana, haholoholo

(organophosphorus compounds, organochlorine compounds kapa synthetic pyredroids). Matlong a

tlhokomelo ya meru, ho sebediswa (dithiocarbamates) ka dinako tsohle ho sireletsa dipeo tsa patsi e

bonolo kgahlano le kwaekgwaba ya phaene

• Kotsi ya ho hahlamelwa le dintho tse tshwanang le tse jwalo ditshebedisong tse ding tsa meriana e

bolayang dikokonyana. Matshwao a bakwang ke ho tshwara meriana e bolayang dikokonyana haholo a

fapana haholo ho tswa ka boholo ba tjhefu e sebediswang empa hangata bothata ba letlalo bo bakwa

ke ho sebetsa ka meriana e bolayang dikokonyana mosebetsing kamehla

• Dikhemikhale tse ding tse tlwaelehileng tse sebediswang mosebetsing wa tsa meru ke manyolo le

ditlolo tsa mebala e sebedisetswang ho tshwaya patsi ya thimba. Ho tshwaya patsi ya thimba ho ka

etswa ka ho tshwaya ka hamore kapa ka botlolo e nyanyatsang. Ditlolo tsa mebala di na le glycol ethers,

alcohols le mekedikedi e meng ya setho empa bohato ba ho kopana le dintho tsena nakong ya mosebetsi

e ka ba tlase haholo. Manyolo a sebediswang merung a na le tjhefu e tlase haholo mme tshebediso ya ona

ha se hangata e bakang mathata ho latela tlhokomelo ya bophelo le bohlweki mosebetsing.

1.2 DIKOTSITSAKAHARAMMELEBASEBETSINGBAMERUNG

Batho ba sebeletsang kantle, haholoholo ba temo le meru ba iphumana ba tobane le dikotsi tsa bophelo

ho tswa diphoofolong, dijalong, bakhetheria le divaerase hape haholoholo ho tswa bathong ba bang ka

ho fetisisa.

Ho qoba ho hlohlonelwa/ho utlwisa letlalo bohloko, le tlamehile ho sireletswa le se ke la kopana le oli ka ho sebedisa mekotlanamatsoho ya tshireletso, ho hlatswa matsoho kamora ho sebedisa metjhini le ho itshasa ka setlolo sa ho sireletsa matsoho

• Ho qoba ho tshwarana le meriana ena e bolayang dikokonyana, basebeletsi ba merung ba lokela ho sebedisa thepa ya tshireletso (PPE) (mohlala, dikepisi, diovarolo, dieta tse thata le mekotlanamatsoho).

• Haeba ho sebediswa meriana e bolayang dikokonyana e nang le tjhefu, disebediswa tsa ho hema di lokela ho aparwa nakong eo e tshelwang. PPE e phethahetseng hangata e baka hore motjheso o phahame mme motho a fufulelwe ho feta tekano.

• Ho lokela hore ho etswe moralo nako e sale teng bakeng sa ho tshela meriana ena e leng dihoreng tse phodileng tsa letsatsi le ha ho se moya haholo.

• Ho bohlokwa haholo ho hlatswa dibaka moo ho qhalehileng teng hanghang ka metsi le ho qoba ho tsuba le ho ja nakong eo ho ntseng ho haswa meriana ena.

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 9

1.3.1 Dijalolepatsi

Batho ba bangata ba ba le bothata ha ba kopana le dihlahiswa tsa dijalo le patsi (patsi, dikarolwana tse ding

tsa makgapetla, lerole la sakga) haholoholo modula. Dikotsi di ka hlaha ka lebaka la tshebetso (mohlala, ho

tswa ho leoka, moutlwa, lekgapetla) hape le ho tswa ditshwaetsong tsa bobedi e leng dintho tse ke keng

tsa qhelelwa ka thoko mme di ka baka mathata a mang a kotsi ho feta moo.

1.3.2 Dinohatsenangletjhefu

Ho longwa ke dinoha tse nang le tjhefu ke ditlokotsi tsa bongaka kamehla. Di hloka ho hlahlobowa ka ho

nepahala le ho phekolwa hanghang. Ho hlwaya noha e o lommeng ke ntlha ya bohlokwa ho ka etsa qeto.

1.3.3 Dinotshi,bobi,dibobalebohlwa

Ditjhefu tsa dikokonyana di na le sefutho se fapaneng, ho tswa ka hore na di sebakeng sefe. Ho tlosa

tsenene letlalong (ho hlokomelwe hore ho se ke ha kenngwa tjhefu e ngata nakong eo ho sebetswanang le

yona) hape ho sisingwa hore ho phodiswe sebaka seo ka ho sebedisa thuso ya pele. Bothata bo tshajwang

haholo e ka sitisang bophelo ke taba ya ho hahlamelwa ke tshwaetso ka kakaretso,e ka nnang ya qalwa ke

ho longwa ke kokonyana.

1.4 POLOKEHOYAMETJHINI

Motho ofe kapa ofe ya amehang diketsahalong tsa meru o na le boikarabelo ba tsamaiso le dipehelo tsa

Melawana e Laolang Metjhini (DMR) le Melawana e Laolang Metjhini ka Kakaretso (GMR).

• Metjhini ka Kakaretso e tlamehile ho ba le:

• Tshireletso e Phethahetseng

— Tshireletso e nepahetseng kgahlano le ho dikoloha (ROPS), makala a wang le difate (FOPS),

dinthwana tse phunyeletsang tse jwaloka makala, dikheibole tse kgaohileng hape le ketane e

tjhemohileng (OPS)

• Metjhini e Phahamisang e tlamehile:

— Ho ba le mariki, dithaere, lebidi le kgannang hammoho le ditsamaiso tse ding tsa taolo tse

sebetsang hantle

— Ho ba le diheke tse kwalang, boitshwareletso, dikheibole, mangenengene a tlhokomediso ya

kotsi, dikgokahano le dihokedi tse bopilweng le ho tsitlallela ho tsamaisana le polokeho ho

latela boima ba morwalo oo di o jereng

• E be le letshwao le hlakileng ho bontsha morwalo o boima oo motjhini o lokelang ho o phahamisa

• E hlahlobuwe ka hohlehohle jwaloka ha ho hlakisitse melawaneng ya ho laola metjhini

• E kgannwe ke balaodi ba nang le bokgoni.

Ka tsela e jwalo, ho bohlokwa haholo hore motho a apare diaparo tse sireletsehileng ka hohlehohle

10

> B

ophe

lo b

o Bo

tle le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

2. NA KE METHEO EFE E HLAKISITSWENG MOLAONG WA BOPHELO BO BOTLE LE TSHIRELETSO MESEBETSING?

Melawana ya Bophelo bo Botle le Tshireletso Mosebetsing e hlakisa metheo ya motheo e jwaloka:

• Ramosebetsi ke moikarabedi wa pele bakeng sa bophelo bo botle le tshireletso ya basebeletsi mme o

tlamehile ho nka mehato ya tshireletso e hlokehang

• Bahiruwa bohle ba tlamehile ho kenya letsoho tabeng ya bophelo bo botle le tshireletso

• Bahiruwa le bona ba na le boikarabelo ba ho tshehetsa boiteko bo etswang ke mohiri ho etsa bonnete

ba hore ho na le tikoloho e sireletsehileng ebile e bontshang bophelo bo botle

• Melawana ya Bophelo bo Botle le Tshireletso Mosebetsing o kenngwa tshebetsong ke Bolaodi ba

Lefapha la Mesebetsi.

2.1NAKEMANGYALOKELANGHOSEBETSANADITABENGTSAPOLOKEHO

MOSEBETSEING?

• Bophelo bo botle le tshireletso mosebetsing ke boiteko ba sehlopha sohle

• E lokela ho ba ntlha e rarollwang ke mohiri le mohiruwa ka bobedi ba bona

• E hloka tshebedisanommoho ya dinako tsohle mahareng a mohiri, mohiruwa le Mmuso.

LEFAPHA LABOHLAHLOBI

MOHIRI/MOTSAMAISI

MOHIRUWA

PUISANO YA SETJHABA

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 11

2.3 KEOFEMOSEBETSIWAMOHIRI?

Mohiri e mong le e mong o lokela ho fana le ho tsitlallela, ka hohlehohle kamoo ho ka kgonehang, tikoloho e sireletsehileng e hlokang dikotsi.

Mohiri o lokela ho:

• Fana le ho tsitlallela tsamaiso e bolokehileng mosebetsing

• Hlwaya dikotsi le ho hlahloba dikotsi

• Ho nka mehato ho fedisa kapa ho rarolla dikotsi tsohle pele ho nkuwa qeto ya ho sebedisa PPE

• Ho fana ka ditsebiso, thupello le bohlokomedi

• Ho fana ka mekgwa e ka sebediswang ditsamaisong tsa tshireletso

• A se ke a dumella bahiruwa ho sebetsa ntle le tshireletso

• Ho kenya tshebetsong mekgwa ya tshebetso ya bophelo bo botle le tshireletso mosebetsing

• Etsa bonnete ba hore motho e mong le e mong sebakeng seo o ikamahanya le ho latela Molao

• Etsa bonnete ba hore bahlokomedi ba fumana thupello ya tshireletso e amanang le mosebetsi

• Ho matlafatsa bahlokomedi ho ba le bookamedi.

2.3.1 Keofemosebetsiwamohiruwa?

Melawana ya Bophelo bo Botle le Tshireletso Mosebetsing e hlakisa boikarabelo ba bahiruwa ba

mosebetsing. Mohiruwa e mong le e mong o lokela:

• Ho nka mehato e utlwahalang ya tlhokomelo ya bophelo le polokeho ya hae le ya batho ba bang ba ka

nnang na tshwaetswa ke diketso le dintho tse sa etswang

• Ba sebedisane le mohiri ho mo dumella hore a ikamahanye le Molao

• Ho mamela taelo e nngwe le e nngwe e molaong le ho latela melawana ya bophelo bo botle le

tshireletso

• Ho raporota maemo afe kapa afe a sa bolokehang ho mohiri kapa ho moemedi wa bophelo bo botle le

tshireletso.

12

> B

ophe

lo b

o Bo

tle le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

2.3.2 TlhahloboyaKotsi

Tlhahlobo ya kotsi ke tsamaiso ya ho lekola dikotsi tsa tshireletso le bophelo bo botle mabapi le dikotsi

tsa mosebetsing. Ke hlahlobo ya tsamaiso ya dintlha tsohle tsa bohlokwa mosebetsing.

Setshwantsho sa 2 ka fatshe se hlalosa tsamaiso ya hlahlobo ya kotsi

HLWAYA DIKOTSI

Na ho ka etsahalang?Na e ka etsahala jwang?

Dipuisanole

Ho Kopana

Ho beha leihlole

Tekolo Botjha

Na kotsi eo e ka amoheleha?

HLAHLOBA DIKOTSI

TJHE E

LEKOLA DIKOTSI

• Ho hlwaya Ditaolo tse ntseng di le teng

• Hlwaya Kgonahalo ya tsona• Hlwaya Ditlamorao tse ka

bang teng• Theha Mohato wa Kotsi

PHEKOLA KOTSI

• Hlwaya dikgetho tse teng tsa pheko

• Hlahloba dikgetho tse teng tsa pheko

• Hlophisa meralo ya pheko• Kenya meralo tshebetsong

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 13

2.3.3Nakekgokahanoefemaharengatlhahloboyakotsi,tekoloyabohlwekimosebetsing

hammoholeTekoloyaNakolenakoyatsaBongaka?

Thibelo ya Mantlha

Thibelo ya Bobedi

Thibelo e ka Sehloohong

Tlhahlobo ya kotsi le tekolo ya bohlweki nako le nako

mosebetsing (tlhahlobo ya lerata le ho hlahloba moya)

Tlhahlobo ya tsa bongaka le ho beha disebediswa

pele, ka mekgahlelo le ho tswa (diteko tsa medumo, tshebetso ya matshwao le ditshwantsho tsa x-rays)

Tlhahlobo ya Pheko, Kalafo le Tlhabollo ya mohiruwa

14

> B

ophe

lo b

o Bo

tle le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

2.3.4 Horaporotadiketsahalotsohletsamafuahlahetsengmosebetsing

• Mafu ohle a hlahetseng mosebetsing hammoho le diketsahalo tse ka raporotuwang di tlamehile ho

raporotuwa Lefapheng la Mesebetsi.

3. MEHLODI

1. International Labour Organisation (1998). Safety and health in forestry work.

2. International Labour Organisation. ILO Encyclopaedia.

3. Health and Safety Executive (1999). Managing health and safety in forestry.

4. Departement van Arbeid (1993). Wet op Beroepsgesondheid en Veiligheid, 1993

(Wet No. 85 van 1993).

IP off I.O.D. matsatsi a 0-13

Tse sa lokelwang ho raporotuwa

IP off I.O.D.matsatsi a 14 kapa ho feta

Tse ka raporotuwangSehlomathiso 1/WCL2

Ditsebi tsohle tsa bongaka di tlamehile ho raporota mafu ohle a hlahetseng mosebetsing nakong ya matsatsi a 14 ho hlahloba se etsahetseng (Karolo ya 25). WCL 1 e tla sebediswa

ke mohiri bakeng sa ho raporota

Ho tla ba le dikotlo tse kenngwang haeba ho sa ikamahanngwe le melao

Motho o lemetse ka lebaka la diketso tsa mosebedise/mohiri

Lefu/Ho kgaoha setho sa mmele Tsebisa Lefapha

“Hangahang”(Karolo ya 24)

Ha ho na raporoto e rometsweng Lefapheng

Mohiri/mosebedise o romela Sehlomathiso sa An-nexure 1 kapa

WCL2 Lefapheng (GAR 8 : matsatsi a 7)

Mohiri o tlamehile ho fuputsa matsatsing a supileng mme a rekotediketso tsa ho lokisa rejisetareng ya ho lokisa Sehlomathiso sa 1 se bolokwang bakeng sa nako ya (dilemo tse tharo) mosebetsing mme e a fumaneha bakeng sa bahlahlobi. (GAR 9)

Bophelo bo Botle le Polokeho ho tsa Meru < 15

Eastern Cape Labour CentresAliwal North Tel:(051) 633 2633 Butterworth Tel: (047) 491 0656 Cradock Tel: (048) 881 3010 East London Tel: (043) 702 7500 Fort Beaufort Tel: (046) 645 4686 Graaff-Reinet Tel: (049) 892 2142 Grahamstown Tel: (046) 622 2104 King William’s Town Tel: (043) 643 4756 Lusikisiki Tel: (039) 253 1996 Maclear Tel: (045) 932 1424Mdantsane Tel: (043) 761 3151 Mount Ayliff Tel: (039) 254 0282Mthatha Tel: (047) 501 5620 Port Elizabeth Tel: (041) 506 5000 Queenstown Tel: (045) 807 5400 Uitenhage Tel: (041) 992 4627

Gauteng Labour Centres Alberton Tel: (011) 861 6130Atteridgeville Tel: (012) 373 4432 Benoni Tel: (011) 747 9601 Boksburg Tel: (011) 898 3340 Brakpan Tel: (011) 744 9000 Bronkhorstspruit Tel: (013) 932 0197 Carletonville Tel: (018) 788 3281 Garankuwa Tel: (012) 702 4525 Germiston Tel: (011) 345 6300Johannesburg Tel: (011) 223 1000Kempton Park Tel: (011) 975 9301 Krugersdorp Tel: (011) 955 4420Mamelodi Tel: (012) 812 9502

Nigel Tel: (011) 814 7095 Pretoria Tel: (012) 309 5063 Randburg Tel: (011) 781 8144 Randfontein Tel: (011) 693 3618 Roodepoort Tel: (011) 766 2000 Sandton Tel: (011) 444 7631 Sebokeng Tel: (016) 592 3825 Soshanguve Tel: (012) 799 6057 Soweto Tel: (011) 983 8700 Springs Tel: (011) 365 3700 Temba Tel: (012) 727 1364Vanderbijlpark Tel: (016) 981 0280 Vereeniging Tel: (016) 430 0000

Mpumalanga Labour Centers Barberton Tel: (013) 712 3066 Bethal Tel: (017) 647 2383 Carolina Tel: (017) 843 1077 Emalahleni (Witbank) Tel: (013) 653 3800Eerstehoek Tel: (017) 883 2414Ermelo Tel: (017) 819 7632 Groblersdal Tel: (013) 262 3150 Malelane Tel: (013) 790 1528 KwaMhlanga Tel: (013) 947 3173Mashishing (Lydenburg) Tel: (013) 235 2368 Mbombela (Nelspruit) Tel: (013) 753 2844 Middelburg Tel: (013) 283 3600 Piet Retief Tel: (017) 826 1883 Sabie Tel: (013) 764 2105 Secunda Tel: (017) 631 2585 Standerton Tel: (017) 712 1351

Labour Head Office:Telephone Number(s): (012) 309 4000 Email Address: [email protected]

Provincial Offices:Eastern Cape Provincial Office Telephone Number(s): (043) 701 3128 Free State Provincial Office Telephone Number(s): (051) 505 6200 Gauteng Provincial Office Telephone Number(s): (011) 853 0300 KwaZulu-Natal Provincial Office Telephone Number(s): (031) 366 2000 Limpopo Provincial Office Telephone Number(s): (015) 290 1744 Mpumalanga Provincial Office Telephone Number(s): (013) 655 8700 North West Provincial Office Telephone Number(s): (018) 387 8100 Northern Cape Provincial Office Telephone Number(s): (053) 838 1500 Western Cape Provincial Office Telephone Number(s): (021) 441 8000

16

> B

ophe

lo b

o Bo

tle le

Pol

okeh

o ho

tsa M

eru

Northern Cape Labour Centres Calvinia Tel: (027) 341 1280 De Aar Tel: (053) 631 0455 Kimberley Tel: (053) 838 1500 Kuruman Tel: (053) 712 3870 Postmasburg Tel: (053) 313 0641 Springbok Tel: (027) 718 1058Upington Tel: (054) 331 1098

Free State Labour Centres Bethlehem Tel: (058) 303 5293 Bloemfontein Tel: (051) 411 6400 Botshabelo Tel: (051) 534 3789 Ficksburg Tel: (051) 933 2299 Harrismith Tel: (058) 623 2977 Kroonstad Tel: (056) 215 1812 Petrusburg Tel: (053) 574 0932 Phuthaditjhaba Tel: (058) 713 0373 Sasolburg Tel: (016) 970 3200 Welkom Tel: (057) 391 0200 Zastron Tel: (051) 673 1471

Kwa-Zulu Natal Labour CentresDundee Tel: (034) 212 3147 Durban Tel: (031) 336 1500 Estcourt Tel: (036) 342 9361 Kokstad Tel: (039) 727 2140 Ladysmith Tel: (036) 638 1900 Newcastle Tel: (034) 312 6038Pietermaritzburg Tel: (033) 341 5300 Pinetown Tel: (031) 701 7740 Port Shepstone Tel: (039) 682 2406Prospecton Tel: (031) 913 9700 Richards Bay Tel: (035) 780 8700 Richmond Tel: (033) 212 2768 Stanger Tel: (032) 551 4291Ulundi Tel: (035) 879 8800Verulam Tel: (032) 541 5600 Vryheid Tel: (034) 980 8992

Limpopo Labour Centres Giyani Tel: (015) 812 9041 Jane Furse Tel: (013) 265 7210 Lebowakgomo Tel: (015) 633 9360 Lephalale Tel: (014) 763 2162 Makhado Tel: (015) 516 0207 Modimolle Tel: (014) 717 1046 Mokopane Tel: (015) 491 5973 Phalaborwa Tel: (015) 781 5114 Polokwane Tel: (015) 299 5000 Seshego Tel: (015) 223 7020Thohoyandou Tel: (015) 960 1300 Tzaneen Tel: (015) 306 2600

North West Labour Centres Brits Tel: (012) 252 3068 Christiana Tel: (053) 441 2120 Klerksdorp Tel: (018) 464 8700 Lichtenburg Tel: (018) 632 4323 Mafikeng Tel: (018) 381 1010Mogwase Tel: (014) 555 5693 Potchefstroom Tel: (018) 297 5100 Rustenburg Tel: (014) 592 8214 Taung Tel: (053) 994 1679 Vryburg Tel: (053) 927 5221

Western Cape Labour Centres Beaufort West Tel: (023) 414 3427 Bellville Tel: (021) 941 7000 Cape Town Tel: (021) 468 5500George Tel: (044) 801 1200 Knysna Tel: (044) 302 6800 Mitchell’s Plain Tel: (021) 391 0591 Mossel Bay Tel: (044) 691 1140 Oudtshoorn Tel: (044) 203 6100Paarl Tel: (021) 872 2020Somerset West Tel: (021) 852 2535 Vredenburg Tel: (022) 715 1627 Worcester Tel: (023) 347 0152

Sesotho, Layout and design by the Design Studio, Chief Directorate of Communication, Department of Labour, Website: www.labour.gov.za